BAROMA 4 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Thuto eo ya ho bea motho ya lokileng ka tumelo e dumellane le Mangolo; taba tsa Abrahama di hona moo.

1Ha ho le jwalo, re tla re, Abrahama, ntata rona o ile a rua eng ka nqeng ya nama?

2Hobane ha re ka re, Abrahama o beilwe ya lokileng ka mesebetsi, o na le sebaka sa ho ithorisa; empa ha a na sona pela Modimo.

3Hobane Lengolo le reng? Le re: Abrahama a dumela ho Modimo, mme a ballwa tumelo eo hoba ke ho loka.

4Haele moputso wa ya sebetsang, ha o balwe hore ke mohau empa ho thwe, ke molato.

5Athe ya sa sebetseng, a mpa a dumela ho ya beang moetsadibe ya lokileng, tumelo ya hae o e ballwa hoba ke ho loka;

6jwalokaha Davida le yena a bolela lehlohonolo la motho eo Modimo o mmeang ya lokileng kantle ho mesebetsi, ha a re:

7Ho lehlohonolo ba leseletsweng makgopo a bona, bao dibe tsa bona di apesitsweng!

8Ho lehlohonolo monna eo Morena a sa mmalleng sebe sa hae!

9Hleka lehlohonolo leo le tlela ba lebollo ba nnotshi, na ha le tlele le bona ba sa bollang na? Re tswa re: Abrahama o kile a ballwa tumelo hoba ke ho loka.

10Ana o ne a e ballwe a le jwang? A ke ha a se a bolotse, kapa a ke ha a eso ho ka a bolla na? E ne e se ha a se a bolotse, empa e ne e le ha a eso ho ka a bolla.

11A ntoo fuwa letshwao la lebollo, e tle e be tiiso ya ho loka ha tumelo, hoo a bileng le hona ha a eso ho bolle; e tle e be yena ntata bohle ba dumelang, leha ba sa ka ba bolla, hore le bona ba tle ba ballwe ho loka;

12e be ntate le wa ba lebollo, ke ho re, wa bao e seng ba lebollo feela ba mpang ba tsamaya le ka mehlala ya tumelo eo ntata rona Abrahama a bileng le yona, ha a eso ho bolle.

13Leha e le pallo ya ho rua lefatshe ka mokgwa wa lefa, ha e a ka ya etsetswa Abrahama le ditloholo tsa hae ka molao, empa e bile ka ho loka ha tumelo.

14Hobane ekare ha majalefa e le wona ka molao, ekaba he tumelo e fetohile ntho feela, le yona pallo e fidisitswe;

15hobane molao o hlahisa bohale; hobane moo molao o leng siyo, le ho tlola ho siyo.

16Ha ho le jwalo, majalefa ke wona ka tumelo, hore e tle e be ka mohau; pallo e tle e tiye ho leloko lohle la Abrahama; e seng ho leloko leo e leng lona ka molao feela, empa e be le ho leo e leng lona ka tumelo ya Abrahama, ntata rona bohle,

17jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ke o beile ntata ditjhaba tse ngata. Ke ntata rona bohle pela Modimo oo a dumetseng ho wona, o phedisang ba shweleng, o bitsang dintho tse siyo jwaloka hoja di le teng.

18Abrahama o dumetse ka tshepo, leha ho ne ho se sebaka sa ho tshepa, hore o tla fetoha ntata ditjhaba tse ngata, ka seo a se boleletsweng, ha thwe: Leloko la hao e tla ba le lekalo.

19Mme kahobane a ne a sa fokole tumelong, ha a ka a bala mmele wa hae o seng o shwele (athe dilemo tsa hae di ne di batla ho ba lekgolo), leha e le ho shwa ha popelo ya Sara.

20Ha a ka a belaela ka pallo ya Modimo ka ho se dumele, a mpa a ipha matla tumelong, a ntse a rorisa Modimo;

21a kgolwa ruri hoba seo o se baletseng, o na le matla a ho se etsahatsa.

22Ka baka leo, o baletswe hoo hoba ke ho loka.

23Mme ha ho ngodilwe hore o ho baletswe hoba ke ho loka, hase ho lekanya yena a nnotshi;

24empa ke ho lekanya le rona, hore re tla ho ballwa, rona ba dumelang ho ya tsositseng Jesu, Morena wa rona, bafung;

25e leng yena ya teletsweng lefu ka baka la dibe tsa rona, mme o tsositswe ho re bea ba lokileng.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help