I DIKRONIKE 20 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Eitse hobane lemo seo se fete, ka nako eo marena a atisang ho futuha ka yona, Joabe a tsamaisa makgotla a ntwa, mme a senya lefatshe la bana ba Ammone, a ntoo ya thibella Rabba; Davida yena a sala Jerusalema. Joabe a hlola Rabba, a o heletsa.

2Davida a rola morena wa teng moqhaka wa hae, a o fihlela o le boima ba talenta e le nngwe ya kgauta, o bile o na le mahakwe a bohlokwa le hona, mme wa rweswa Davida hloohong. Hape, a ya le kgapo e kgolo haholo ya motse.

3Haele batho ba fihletsweng teng, a ba ntshetsa ntle, mme a ba harola ka disaga le ka diege tsa tshepe le ka dilepe. Davida a etsa jwalo ka metse yohle ya bana ba Ammone; Davida le setjhaba sohle ba ntoo boela Jerusalema.

Davida o hlola Bafilesta.

4Kamora tseo, ntwa ya lwana le Bafilesta Gesere; teng Sibekkai Mohusha a bolaya Sippai, e mong wa bana ba Barefaime; mme teng ba kokobetswa.

5Ya boela ya lwana le Bafilesta. Yaba Elkanane, mora Jaire, o bolaya Lahmi, ngwanabo Goliathe wa Gathe, ya neng a na le lerumo leo theko ya lona e neng e le ka ka sefate sa selohi.

6Hapehape, ntwa ya lwana Gathe. Teng, ho ne ho na le monna e molelele, eo letsoho la hae le leng le le leng le leoto le leng le le leng le neng le na le menwana e tsheletseng, e etsa mashome a mabedi a metso e mene; le yena e ne e le wa mofuta wa Barefaime.

7Eitse ha a ntse a phephetsa Iseraele, Jonathane, mora Shimea ngwanabo Davida, a mmolaya.

8Bao e ne e le ba mofuta wa Barefaime ba Gathe; ba eshwa ka matsoho a Davida le a bahlanka ba hae.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help