I BAKORINTHE 2 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Haele nna, banabeso, mohla ke fihlang hara lona, ha ke a ka ka fihla ke le tsebisa bopaki ba Modimo ka dipolelo tse phahamileng, leha e le tsa bohlale.

2Hobane ke ne ke pheheletse hore ke se ke ka tseba letho le leng hara lona haese Jesu Kreste, le hona e le ya thakgisitsweng.

3Le nna ke bile hara lona ka mefokolo, le tshabo, le thothomelo e kgolo.

4Mme polelo tsa ka le thuto ya ka ha e a ka ya eba dipolelo tse kgodisang tsa bohlale ba motho, ya mpa ya eba ponahatso ya Moya le ya matla;

5hore tumelo ya lona e se ke ya thewa bohlaleng ba batho, e mpe e thewe matleng a Modimo.

6Empa re bolela bohlale hara ba phethehileng, e seng bohlale ba lefatshe lena, le ba marena a lefatshe lena a felang;

7empa re bolela bohlale ba Modimo, e leng sephiri, bohlale bo patilweng, boo Modimo o bo lokisitseng pele, dilemo di eso ka di eba teng, e be tlotliso ya rona;

8e leng boo ho seng le a mong wa marena a lefatshe lena ya bo tsebileng; hobane, hojane a bo tsebile, a ka be a sa ka a thakgisa Morena wa kganya sefapanong.

9Empa ho dutse jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Taba tseo Modimo o di lokiseditseng ba o ratang, ke tseo leihlo le sa kang la di bona, tseo tsebe e sa kang ya di utlwa, tse sa kang tsa itlhahela pelong ya motho.

10Empa Modimo o di senoletse rona ka Moya wa wona, hobane Moya o batlisisa tsohle, le tse tebileng tsa Modimo.

11Hobane motho ke ofe ya tsebang tsa motho, haese moya wa motho o leng ka ho yena? Ka mokgwa o jwalo, ditaba tsa Modimo ha ho motho ya di tsebang haese Moya wa Modimo.

12Haele rona, ha re a ka ra amohela moya wa lefatshe, empa re amohetse Moya o tswang ho Modimo, re tle re tsebe tseo re di filweng feela ke Modimo.

13Mme re di bolela, e seng ka dipolelo tse rutwang ke bohlale ba batho, empa e le ka tse rutwang ke Moya o Halalelang; mme re lokisetsa ba moya tsa Moya.

14Empa motho wa nama ha a amohele ditaba tseo e leng tsa Moya wa Modimo; hobane ho yena ke bohlanya, mme o sitwa ho di tseba, hobane di lemohuwa ka moya.

15Empa motho wa moya o ahlola tsohle, mme ha a ahlolwe ke motho.

16Hobane ke mang ya tsebileng kgopolo ya Morena a tle a mo rute? Empa rona, re tsebile kgopolo ya Kreste.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help