II DIKRONIKE 14 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Abija a orohela ho bontatae, a patwa motseng wa Davida, mme tulong tsa hae ha busa Asa, mora wa hae. Mehleng ya hae, ntwa ya lala lefatsheng ka dilemo tse leshome.

Asa, morena wa Juda. — O hlola Serake le Baethiopia.

2Asa a etsa ho molemo, ho lokileng pela Jehova, Modimo wa hae.

3A qhaqholla dialetare tsa medimo esele le dinqalo tse diphahameng; a bolaya ditshwantsho, mme a heletsa diashere;

4a ba a laela Bajuda hore ba batle Jehova, Modimo wa bontata bona, le hore ba etse ka molao le ka ditaelo;

5le metseng yohle ya Juda a heletsa dinqalo tse diphahameng le ditshiya tsa letsatsi. Mme ntwa ya eba siyo ho yena mmusong wa hae.

6A haha metse ya diqhobosheane Juda; ke ha ntwa e ne e ntse e letse lefatsheng, hobane ha a ka a lwantshwa ke motho ka dilemo tseo, etswe Jehova a ne a mo neile phomolo.

7A re ho Bajuda: A re haheng metse eo; re e dikadiketse ka marako, le ditora, le mamati le mekwallo; lefatshe e sa ntsane e le la rona, kahobane re batlile Jehova, Modimo wa rona; re mmatlile, mme o re neile phomolo ka nqa tsohle. Ba haha ke hona, mme ba atleha.

8Asa o ne a na le sera sa batho ba dikete tse makgolo a mararo a Bajuda, ba hlometseng thebe e kgolo le lerumo, le se seng sa batho ba dikete tse makgolo a mabedi a mashome a robileng meno e le mmedi a Babenjamine, ba hlometseng thejana, ba fulang le ka seqha; batho bao kaofela e ne e le bahlabani ba bohale.

9Serake wa Moethiopia a ba futuhela a ena le sera sa batho ba dikete tse sekete le makoloi a makgolo a mararo, mme a fihla Maresha.

10Asa a tswela ho mo kgahlanyetsa; mme ba hlopholla dintwa tsa bona sekgutlong sa Tsefata, haufi le Maresha.

11Asa a howeletsa ho Jehova, Modimo wa hae, a re: Oho, Jehova, ha ho e mong ya ka namolelang ya se nang matla ho ya nang le matla, haese wena; re tlatse, Jehova, Modimo wa rona, hobane re itshetlehile ka wena, mme re futuhetse bongata boo ka lebitso la hao. Ke wena Jehova, Modimo wa rona: motho ya shwang a se ke a o sita.

12Jehova a qhala Baethiopia pela Asa le Bajuda; Baethiopia ba baleha.

13Asa le setjhaba sa hae ba ba phallela ho ya fihla Gerare; mme Baethiopia ba bolawa haholo, ba ba ba sitwa le ho boela ba kopana; etswe ba ne ba qhalwa ke Jehova le ke sera sa hae. Ba hapa kgapo e kgolo haholo;

14ba kena metse yohle e teetseng Gerare hare, hobane e ne e wetswe hodimo ke letsoso la Jehova; ba ya le ntho tsohle tse metseng eo, hobane thepa ya teng e ne e le kgolo.

15Hape, ba kena le masakeng a mehlape, ba hapa manku a mangata le dikamele; ba ntoo kgutlela Jerusalema.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help