1Ke rata Jehova, hobane o utlwile lentswe la ka, le merapelo ya ka;
2hobane o ntshekehetse tsebe; ke tla mo rapela ke hona ka matsatsi wohle a ho phela ha ka.
3Ditlamo tsa lefu di na be di nthatetse, ke na be ke tshwerwe ke matswalo a nqalo ya bafu, ka fumana matswalo le hlokofalo.
4Empa ka rapela lebitso la Jehova, ka re: Oho Jehova, o boloke moya wa ka!
5Jehova o lereko, o lokile, Modimo wa rona o tletse mohau.
6Jehova o boloka ba bonolo; ke ne ke hlomohile, mme a tlisa thuso ho nna.
7Moya wa ka, o boele phomolong ya hao, hobane Jehova o o entse hantle.
8Efela o ntshitse moya wa ka lefung, le mahlo a ka dillong, le maoto a ka kgothometsehong.
9Ke tla nne ke tsamaye pela sefahleho sa Jehova, lefatsheng la ba phelang.
10Ke dumetse, ke boletse ke hona. Ka na ka hlokofala ka mokgwa o fetisang!
11Ka ba ka re matswalong a ka: Batho bohle ke bathetsi.
12Ke tla busetsang ho Jehova? Melemo yohle ya hae e ho nna.
13Ke tla emisa senwelo sa topollo, ke rapele lebitso la Jehova;
14ke tla phetha dikano tsa ka ho Jehova, pontsheng ya setjhaba sa hae kaofela.
15Ho leng thata mahlong a Jehova, ke lefu la bakgethehi ba hae.
16Oho Jehova, ke mohlanka wa hao; ke mohlanka wa hao ka sebele, mora wa lekgabunyane la hao. O lokolotse ditlamo tsa ka.
17Ke tla o hlahisetsa sehlabelo sa teboho, ke rapele lebitso la Jehova.
18Ke tla phetha dikano tsa ka ho Jehova, pontsheng ya setjhaba sa hae kaofela,
19mabaleng a ntlo ya Jehova, kahare ho wena, Jerusalema! Bokang Jehova!
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.