BAHEBERU 1 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Mora Modimo o phahame ho feta mangeloi le dibopuwa tsohle. — Ha a ikokobeditse, e bile ho tla pholosa baetsadibe.

1Modimo, ha o ne o buile hangata mehleng ya kgale, le ka mekgwa e mengata, le bontata rona ka baporofeta,

2jwale, mehleng ena ya qetello o buile le rona ka Mora, eo o mmeileng mojalefa wa ntho tsohle, eo hape o entseng ka yena tse bopilweng kaofela.

3Yena eo e leng lehlasedi la kganya ya wona, le setshwantsho sa boleng ba wona, ya kakatlelang dintho tsohle ka lentswe la matla a hae, eitse hobane a etse hlatsuo ya dibe tsa rona, o ile ho dula ka letsohong le letona la Boholo bo hodimo;

4a etswa ya kahodimo ho mangeloi, jwalokaha lebitso leo a le ruileng ka mokgwa wa lefa le fetisa la wona ka boholo.

5Hobane ke ho lefe ho mangeloi Modimo o kileng wa re le ka mohla o le mong: O Mora wa ka, ke o tswetse kajeno? Hape, ke ho lefe o itseng: Ke tla ba Ntatae, yena e be Mora wa ka?

6Hape, mohla o tlisang Mora wa wona wa letsibolo lefatsheng, o itse: Mangeloi wohle a Modimo a mo kgumamele.

7Athe haele ka mangeloi, o itse: O etsa mangeloi a wona meya e fokang, le bahlanka ba wona malakabe a mollo.

8Empa haele ka Mora, o itse: Modimo, terone ya hao e tiile ka ho sa feleng, mme lere la mmuso wa hao ke lere la ho loka;

9o ratile ho loka, mme o hloile bokgopo; ka baka leo, Modimo, Modimo wa hao o o tlotsitse ka ole ya nyakallo kahodima bohle ba nang le kabelo le wena.

10Hape ho itswe: Haele wena, Morena, o ne o thee lefatshe tshimolohong, mme mahodimo ke mesebetsi ya matsoho a hao;

11a tla timela, empa wena o ya sala; a tla tsofala kaofela jwaloka seaparo;

12o tla a mena jwaloka kobo, mme a tla fetoha; empa haele wena, e sa le e le wena, mme mengwaha ya hao e ke ke ya eba le bofelo.

13Ke ho lefe ho mangeloi o kileng wa re, le ka mohla o le mong: Dula letsohong la ka le letona, ke be ke etse bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao?

14Na kaofela ha wona hase meya e sebeletsang, e rongwang ho sebeletsa ba tlang ho rua lefa la poloko na?

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help