II MARENA 20 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Ho kula ha Esekiase. — O ekeletswa lemo tse 15. — Ho fihla manqosa a tswang Babilona.

1Tshiung tseo, Esekiase a kula, a batla a eshwa. Moporofeta Esaia, mora Amotse, a ya ho yena, a re: Ho itswe ke Jehova: Hleka ntlo ya hao, hobane o se o ya shwa, ha o sa tla phela.

2Yaba o retelehela nqa leboteng, a rapela Jehova, a re:

3Oho, Jehova, hopola hle kamoo ke tsamaileng pela hao kateng, ka nnete le ka pelo yohle, ka etsa ho leng hotle mahlong a hao. Mme Esekiase a lla haholo.

4Esaia o ne a eso ho tswe lebaleng le ka hare, ha lentswe la Jehova le mo fihlela, le re:

5Boya, o re ho Esekiase, modisa wa setjhaba sa ka: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa ntatao Davida: Ke utlwile thapelo ya hao, ke bone le meokgo ya hao; bona, ke tla o fodisa; ka la boraro o tla nyolohela tlung ya Jehova.

6Ke tla eketsa le tshiu tsa hao ka dilemo tse leshome le metso e mehlano, ke o namolele wena le motse ona matsohong a morena wa Assiria, ke sireletse motse ona ka baka la ka le la Davida, mohlanka wa ka.

7Hape, Esaia a re: Nkang motoho wa difeiye. Ba o nka, ba o bea sesong, mme Esekiase a fola.

8Esekiase o ne a itse ho Esaia: Pontsho e tla ba efe ya hore Jehova o tla mphodisa le hore ke tla nyolohela tlung ya Jehova ka la boraro na?

9Esaia a re: Seo e tla ba pontsho ya Jehova ho wena ya hore Jehova o tla etsa taba eo a e boletseng ke sena: hleka o re, moriti o ye pele ka tekanyo tse leshome, kapa o kgutlele kasanthao ka tekanyo tse leshome na?

10Esekiase a re: Ke ntho e nyenyane ha moriti o ka tlola tekanyo tse leshome; ho se ke ha eba jwalo, moriti o mpe o kgutlele kasanthao ka tekanyo tse leshome.

11Ebile moporofeta Esaia o bitsa ho Jehova, mme a kgutlisetsa moriti kasanthao ka tekanyo tse leshome letlapeng la dinako la Akase, moo o neng o tsamaya teng.

12Mehleng eo, Berodake-Baladane, mora Baladane, morena wa Babilona, a romela mangolo le dimpho ho Esekiase; hobane o ne a utlwile hore Esekiase o ne a kile a kula.

13Esekiase a mamela taba tsa ba romilweng, a ba a ba bontsha ntlo ya hae yohle ya matlotlo, le silefera, le kgauta, le dinoko, le ole e nkgang hamonate, le ntlo ya dihlomo tsa hae, le tsohle tse ka bonwang dipolokelong tsa hae; ha ho a ka ha eba ntho eo Esekiase a sa kang a ba bontsha yona ka tlung ya hae le mmusong wa hae wohle.

14Yaba moporofeta Esaia o tla ho morena Esekiase, a re ho yena: Banna bao ba itseng? Ba tlile ho wena ba etswa kae? Esekiase a re: Ba tswa naheng e hole, Babilona.

15A re: Ba boneng ka tlung ya hao? Esekiase a re: Ba bone tsohle tse ka tlung ya ka; ha ho ntho le e nngwe eo ke sa kang ka ba bontsha yona dipolokelong tsa ka.

16Ebile Esaia o re ho Esekiase: Utlwa lentswe la Jehova:

17Bona matsatsi a tla, ao tsohle tse ka tlung ya hao, le tsohle tseo bontatao ba di bokeletseng ho fihlela la kajeno, di tla iswa Babilona; ha ho ka ke ha sala letho: ho itsalo Jehova.

18Haele bara ba hao ba tla tswa ho wena, bao o tla ba tswala, ho tla nkwa ba bang hore ba etswe maqhalaha ka tlung ya borena ya morena wa Babilona.

19Yaba Esekiase o re ho Esaia: Taba ena ya Jehova e ntle eo o e boletseng. A ntoo re: Na ha ho jwalo, ha kgotso le boiketlo di ka ba teng tshiung tsa ka na?

20Haele taba tse ding tsa Esekiase, le matla a hae wohle, le kamoo a entseng letsha le moedi kateng, a tlisa metsi motseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?

21Yaba Esekiase o orohela ho bontatae, mme Manasse, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help