JOBO 23 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Jobo o boela a ikarabela.

1Jobo a fetola, a re:

2Le kajeno ho dumaduma ha ka ho sa tletse boikgantsho! Letsoho le dutseng hodima ka le pupetsa mefehelo ya ka.

3Jo! hola nka tseba moo nka o fumanang teng, hore ke tle ke fihle pela terone ya wona!

4Ke be ke tla hlomahanya taba ya ka pela wona, ke tlatse molomo wa ka ka ditaba!

5Ke be ke tla tseba ditaba tseo o ka nkarabang ka tsona, ke utlwe le seo o ka mpolellang sona.

6Na o tla ntwantsha ka matla wohle a wona? Tjhe, le hanyenyane! o tla nkela hloko feela.

7Moo, ya lokileng o ne a ka tseka le yena; ke be ke tla lokoloha ka ho sa feleng ho moahlodi wa ka!

8Empa, bonang, ha nka ya nqa botjhabela, o siyo teng; leha ke tswela bophirimela, ha ke o fumane;

9leha o ka sebetsa leboya, ha ke o fihlele; leha o ka ipata borwa, ha ke o bone.

10Athe o tseba tsela ya ka; le hoja o ka nteka, ke ne ke tla tswa ke hlwekile jwaloka kgauta.

11Leoto la ka le tiile mehlaleng ya wona; ke bolokile tsela ya wona; ha ke a ka ka kgeloha ho yona.

12Melao ya melomo ya wona ha ke a ka ka e fapoha; ke bolokile ditaba tsa molomo wa wona sefubeng sa ka.

13Leha ho le jwalo, o na le kgopolo e le nngwe feela; ke mang ya ka o reteletsang? Seo moya wa wona o se ratang, o a se etsa.

14O tla phetha taba eo o ntaoletseng yona; ditaba tse jwalo di sa le ngata ka ho wona.

15Ke ka baka leo ke thothomelang pela wona; ha ke hopola, ke o tshohe hampe.

16Hobane Modimo o fokodisitse pelo ya ka, Ya matla wohle o ntshositse.

17Hobane ha o a ka wa ntlosa lefifi le eso ho tle, mme ha o a ka wa pata botsho mahlong a ka.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help