1Jehova o a busa, merabe e a thothomela; o dutse hodima dikerubime, lefatshe le a thekesela.
2Jehova o moholo Sione, o phahametse ditjhaba kaofela.
3A ba ke ba rorise lebitso la hao le leholo, le tshabehang, hobane le a halalela.
4Ke wena o leng matla a morena ya ratang toka, o a tiisitse ho lokeng. O hlahisitse ho loka le tokelo ho Jakobo.
5Rorisang Jehova, Modimo wa rona, le kgumame pela bonamelo ba maoto a hae, hobane o a halalela.
6Moshe le Aarone, baprista ba hae, le Samuele, e mong wa ba neng ba rapela lebitso la hae, ba nna ba rapela Jehova, mme a ba utlwa.
7A nna a bua le bona a le topallong ya leru, mme ba boloka ditaelo tsa hae, le molao oo a neng a ba neile wona.
8Jehova, Modimo wa rona, o nnile wa ba utlwa; o bile ho bona Modimo o tshwarelang, leha o ne o pheteletsa diketso tsa bona.
9Rorisang Jehova, Modimo wa rona, le kgumame thabeng ya hae e halalelang; hobane Jehova, Modimo wa rona, o a halalela!
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.