DIKETSO 18 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Pauluse ha a le Korinthe; o teana teng le Akila le Prisilla.

1Kamora tseo, Pauluse a tloha Athene, a ya Korinthe.

2Teng, a fihlela Mojuda e mong, ya bitswang Akila, ya tswaletsweng Ponto; o ne a sa tswa tloha Italia, a ena le Prisilla, mosadi wa hae; hobane Klaude o ne a laetse hore Bajuda bohle ba tlohe Roma; mme Pauluse a tla ho bona.

3Kahobane e ne e le motho wa mosebetsi o le mong le bona, a dula ha bona, a ntse a sebetsa; hobane mosebetsi wa bona e ne e le ho etsa ditente.

4Empa ka matsatsi wohle a Sabatha, o ne a bolela ditaba sinagogeng, a kgodisa Bajuda le Bagerike.

5Eitse ha Silase le Timothea ba fihla ba etswa Masedonia, Pauluse a ineela ho ruta ka pelo ya hae yohle, a pakela Bajuda hore Jesu ke Kreste.

6Empa ha ba hana, mme ba nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: Madi a lona a be hodima lihlooho tsa lona; haele nna, ke hlwekile bakeng sa wona; ho tloha jwale, ke ikela ho baditjhaba.

7Eitse ha a etswa teng, a kena tlung ya monna e mong ya bitswang Justuse, ya tshabang Modimo, eo ntlo ya hae e neng e tshwarane le sinagoge.

8Empa Krispo, mmusi wa sinagoge, le ba ntlo ya hae kaofela ba dumela ho Morena; le Bakorinthe ba bangata, ha ba utlwa Pauluse, ba dumela le bona, mme ba kolobetswa.

9Morena a bolella Pauluse bosiu, ka pono, a re: Se tshabe, o hlo o bue, o se ke wa kgutsa;

10hobane ke na le wena, mme ha ho e mong ya tla bea letsoho la hae ho wena ho o etsa hampe; hobane ke na le batho ba bangata motseng ona.

11Mme a hlola teng selemo se nang le dikgwedi tse tsheletseng, a ntse a ruta lentswe la Modimo hara bona.

12Yare ha Galione e le mmusisi wa Akaea, Bajuda ba dumellana, ba tsohela Pauluse matla, mme ba mo isa kgotla,

13ba re: Enwa o ruta batho ho sebeletsa Modimo ka mokgwa o fapaneng le molao.

14Empa Pauluse ha a re o ahlamisa molomo wa hae, Galione a re ho Bajuda: Bajuda, holane ho tsekwa taba e kgopo, leha e le ketso e nngwe ya bolotsana, nka be ke tshwanela ho le emela.

15Empa ha ho tsekwa taba ya mantswe, le ya mabitso, le ya molao o ho lona, le tla iponela teng le nnotshi; hobane nna, ha ke rate ho ba moahlodi wa taba tse jwalo.

16A ba a ba leleka kgotla.

17Yaba Bagerike kaofela ba tshwara Sosthene, mmusi wa sinagoge ba mo otla pela lekgotla, mme Galione a se ke a tsotella letho la tseo.

Pauluse o etela Jerusalema; o kgutlela Antioke.

18Pauluse a boela a hlola teng matsatsi a mangata, a ntoo dumedisa baena, a ya Siria ka sekepe, a ena le Priscila le Akila, a ikutisitse hlooho Kenkrea, kahobane a ne a itlamile ka kano.

19Ha a fihla Efese, moo a neng a tla ba tlohela teng, a kena sinagogeng, a fetolana le Bajuda.

20Ba mo rapela hore a boele a dule ditshiuana le bona, empa a se ke a dumela.

21A mpa a ba dumedisa, a re: E ka kgona mokete o tlang ke o je Jerusalema; ke tla boela ke kgutlele ho lona, ha Modimo o dumela. Mme a tloha Efese.

22Eitse ha a tswile sekepeng Sesarea, a nyolohela Jerusalema, a dumedisa kereke, a ntoo theohela Antioke.

Leeto la boraro la Pauluse; o ya Efese. — Apolose ha a le Efese le Korinthe.

23Yare ha a hlotse teng matsatsi a mang, a tloha, a etela ka hlomahanyo dinaha tsa Galatia le tsa Frigia, a ntse a tiisa barutuwa kaofela.

24Mojuda e mong, ya bitswang Apolose, ya tswaletsweng Aleksandria, monna ya hlalefileng, ya tsebang Mangolo haholo, a fihla Efese.

25Monna eo o ne a rutilwe tsela ya Morena; o ne a bua ka moya o nang le tjheseho, a ruta ka kelello ditaba tsa Morena, leha a ne a tseba kolobetso ya Johanne feela.

26A qala ho bua sinagogeng a sa tshabe letho. Yare ha Akila le Prisilla ba mo utlwa, ba mo nkela ha bona, mme ba mo hlalosetsa tsela ya Modimo, ho feta kamoo a neng a e tseba pele kateng.

27Yare ha a rata ho fetela Akaea, baena ba ngolla barutuwa, ba ba kgothatsa hore ba mo amohele. Eitse ha a fihla ho bona, a thusa haholo ba dumetseng ka mohau wa Modimo.

28Hobane o ne a hlola Bajuda pontsheng ka matla a maholo, a ba bontsha ka Mangolo hore Jesu ke Kreste.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help