ESEKIELE 19 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Kodiyamalla ka mahosana a Iseraele.

1Haele wena, o tle o etse kodiyamalla ka mahosana a Iseraele,

2o re: Mmao e ne e le mang? E ne e le tauhadi; e ne e bothile hara ditau, e ne e hodisa bana ba yona hara ditawana.

3Ya hodisa ngwana e mong wa yona; eo yaba e ba tawana, ya ithuta ho harola thusolelo ya yona, ya eja le batho.

4Empa ditjhaba tsa utlwa ha e bolelwa, yaba e a tshwaswa lemeneng la tsona, tsa e isa naheng ya Egepeta, di e qebile ka mautlana dinkong.

5Tauhadi eitse ha e bona hobane tshepo eo e neng e itshepisitse ka yona e timetse, ya nka ngwana wa yona e mong, ya mo etsa tawana.

6Yare ha e ntse e tsamaya hara ditau, ya fetoha tawana, ya ithuta ho harola thusolelo ya yona; ya eja le batho.

7Ya heletsa matlo a bona a borena, ya senya metse ya bona; lefatshe le tsohle tse ho lona tsa fetoha lesupi ka lentswe la yona le purumang.

8Yaba ditjhaba tse ka mathoko di tla e lwantsha, tsa e alla letlowa la tsona, yaba ya tshwaswa lemeneng la tsona.

9Tsa e hlahledisa serobeng sa ditshepe, di e qebile ka mautlana dinkong, tsa e isa ho morena wa Babilona; tsa e isa qhobosheaneng, hore lentswe la yona le se ke la hlola le utlwahala thabeng tsa Iseraele.

10Mmao e ne e ka morara o hlomilweng pela metsi jwaloka wena; o ne o beha haholo, o bile o hlometse mahlomela a mangata ka baka la metsi a mangata;

11o ne o ena le makala a matla, ya eba mare a borena. O ne o phahame mahareng a dintlha tsa difate tse mahlaku, o ntse o bonahala ka ho phahama ha wona, le ka bongata ba makala a wona.

12Empa o ne o fotholwe ka kgalefo, wa dihelwa fatshe, moya wa botjhabela wa pontsha ditholwana tsa wona; makala a matla a wona a rojwa, a omella; mollo wa a qeta.

13Jwale, o hlomilwe lefeelleng, naheng e omileng, e nyorilweng.

14Mollo o tswile thupeng tsa makala a wona, wa ba wa eja ditholwana tsa wona; ha ho sa le lekala le matla, leha e le lere la ho rena.

Ke yona kodiyamalla, e tla nne e be kodiyamalla.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help