GENESE 31 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Jakobo o boela fatsheng la Kanana. — O phallelwa ke Labane. — O romela ho Esau. — O lwana le lengeloi. — O boelana le Esau. — O fihla Kanana. — Dina le Sikeme. — Ho shwa ha Isaaka.

1 Jakobo a utlwa dipolelo tsa bara ba Labane, ba re: Jakobo o inketse ntho tsa ntata rona kaofela, mme o ruile letlotlo lena lohle ka tsa ntata rona.

2Jakobo a lemoha sefahleho sa Labane, a bona hobane ha se sa le bakeng sa hae jwaloka pele.

3Jehova a re ho Jakobo: Kgutlela lefatsheng la bontatao le ho banabeno, mme ke tla ba le wena.

4Yaba Jakobo o romela, a biletsa Ragele le Lea naheng, mehlapeng ya hae.

5A re ho bona: Ke bone sefahleho sa ntata lona, hobane ha se sa le jwaloka pele bakeng sa ka, empa Modimo wa ntate o bile le nna.

6Le a tseba hoba ke sebeleditse ntata lona ka matla a ka wohle,

7empa ntata lona o nthetsitse, o fetotse moputso wa ka haleshome; leha ho le jwalo, Modimo ha o a ka wa mo dumella hore a nketse hampe.

8Mohla a neng a re: Moputso wa hao e tla ba tse tshasana, mehlape kaofela e ne e tswala tse tshasana; mohla a reng: Tse thoboshana e tla ba moputso wa hao, eba dinku kaofela di ne di itswalla tse thoboshana.

9Modimo o amohile ntata lona mehlape ya hae, o nneile yona.

10Ya na ya re mohla dinku di itlhokisang, ka lelatsa mahlo a ka, ka tadima ke ntse ke lora, ka bona dipheleu tse hlokang dinku e le tse tshasa, le tse thobosha, le tse rolo.

11Lengeloi la Modimo la re ho nna torong: Jakobo! Ka re: Ke nna enwa.

12La re: Ako lelatse mahlo a hao, o bone hobane dipheleu kaofela tse hlokang dinku ke tse tshasa, le tse thobosha, le tse rolo; hobane ke bone tsohle tseo Labane a o entseng tsona.

13Ke nna Modimo wa Bethele, moo o kileng wa tlotsa mokolokotwane, le moo o kileng wa nkanela ka kano. Raoha jwale, o tlohe naheng ena, o boele lefatsheng la ba heno.

14Yaba Ragele le Lea ba araba, ba re ho yena: Na re sa na le kabelo kapa lefa ka tlung ya ntata rona na?

15Na ha a re tadime jwaloka baditjhaba na, a reka ka rona, a ba a ja tjhelete ya theko ya rona?

16Hobane letlotlo lohle leo Modimo o le amohileng ntata rona, ke la rona le la bana ba rona; etsa tsohle tseo Modimo o o laetseng tsona.

17Yaba Jakobo o ema, a bea bana ba hae le basadi ba hae dikameleng.

18A nka le mehlape ya hae kaofela, le maruo a hae kaofela, mehlape e neng e le ya hae eo a e ruileng Paddan-Arame, a tloha ho ya ho Isaaka, ntatae, lefatsheng la Kanana.

19Athe Labane o ne a ile ho kuta dinku tsa hae. Yaba Ragele o utswa diterafime tsa ntatae.

20Jakobo a thobela Labane Moarame jwalo, a se ke a mo tsebisa ha a tloha.

21A thoba jwalo le tsohle tseo a nang le tsona; mme a tloha, a tshela noka, a leba thabeng ya Gileade.

22Labane a tsebiswa ka tsatsi la boraro hoba Jakobo o thobile.

23Yaba o nkana le banababo, a mo phallela, a tsamaya matsatsi a supileng, a mo fihlela thabeng ya Gileade.

24Empa Modimo wa tla ho Labane, Moarame, torong ya bosiu, wa re ho yena: O itemohele, o se ke wa bua le Jakobo leha e le hantle, leha e le hampe.

25Yaba Labane o fihlela Jakobo. Jakobo o ne a hlomile tente ya hae thabeng, mme Labane le banababo le bona ba hloma thabeng ya Gileade.

26Yaba Labane o re ho Jakobo: O entseng haele moo o thobile wa mphantsha, wa inkela baradi ba ka jwaloka hoja ba hapilwe ka thebe?

27O balehile ka sephiring ka baka lang, wa ikutswa ho nna, o sa ka wa mpolella na? Athe nka be ke o kgutlisitse ka thabo, le ka dipina, le ka meropa, le ka dithomo.

28Ha o a ka wa mpha sebaka sa ho aka bara ba ka le baradi ba ka. Jwale, o entse ka bothoto, ha o entse jwalo.

29Ke na le matla a ho le etsa hampe, empa Modimo wa bontata lona o buile le nna maobane, wa re: O itemohele, esere o ka bua le Jakobo leha e le hantle, leha e le hampe.

30Empa, leha ho tsamayeng o tsamaile ka baka la hobane o hlolohetswe ntlo ya ntatao ka ho fetisisa, na o utsweditseng medimo ya ka na?

31Jakobo a fetola, a re ho Labane: Ke hobane ke ne ke tshaba, ke re, ekaba o tla nkamoha baradi ba hao.

32Empa eo o fumanang medimo ya hao ho yena, a se ke a phela! Pontsheng ya banababo rona, batla ntho ya hao ho nna, mme o e nke. Kanthe Jakobo ha a tsebe hobane Ragele o e utswitse.

33Yaba Labane o kena tenteng ya Jakobo, le tenteng ya Lea, le ditenteng tsa makgabunyane a mabedi; empa a se ke a e fumana; yaba o tswa tenteng ya Lea, a kena tenteng ya Ragele.

34Ragele o ne a nkile diterafime, a di kentse qhaneng ya kamele; o ne a dutse hodima tsona. Labane a batlisisa tente kahohle, a se ke a di fumana.

35Yaba Ragele o re ho ntatae: Morena wa me a se ke a halefa, ha ke sitwa ho ema pela hao, hobane ke na le seo basadi ba nang le sona. A batla diterafime, a se ke a di bona.

36Yaba Jakobo o halefa, a omanya Labane. Jakobo a fetola Labane, a re: Sebe sa ka ke sefe, mme molato wa ka ke ofe, oo o mphalletseng ka baka la wona na?

37Ha o tswa fatakanya mesebetsi ya ka kaofela, ke efe ya mesebetsi yohle ya ntlo ya hao eo o e fumaneng na? E bee mona pela banabeso le banabeno, ba tle ba re ahlolele.

38Ke dutse ho wena ka dilemo tsena tse mashome a mabedi; dinku tsa hao le dipodi tsa hao ha di a ka tsa folotsa, le dipheleu tsa mohlape wa hao ha ke a ka ka di ja.

39Ha ke a ka ka o tlisetsa tse harotsweng; ke nna ke senyehetsweng ke tsona; o batlile diatleng tsa ka tse utswitsweng motshehare, le tse utswitsweng bosiu.

40Ka etsa jwalo, ke qetwa ke letsatsi motshehare, le ke serame bosiu, boroko bo le siyo mahlong a ka.

41Dilemo tsa ka di mashome a mabedi tseo ke o sebeleditseng ka tsona ka tlung ya hao; dilemo tse leshome le metso e mene bakeng sa baradi ba hao ba babedi, le dilemo tse tsheletseng bakeng sa mehlape ya hao; mme o fetotse moputso wa ka haleshome.

42Hojane Modimo wa ntate, Modimo wa Abrahama, o tshajwang ke Isaaka, o se ke wa eba le nna, o ka be o nkgutlisitse ke le feela. Modimo o bone ho hloreha ha ka, le ho kgathala ha diatla tsa ka, mme o o kgalemetse maobane.

43Labane a fetola Jakobo, a re: Baradi bana ke baradi ba ka, mme bara bana ke bara ba ka, mehlape ena ke mehlape ya ka, mme tsohle tseo o di bonang ke tsa ka; nka etsang kajeno lena ho baradi ba a ba ka, le ho bara bao ba ba tswetseng?

44Tloo he jwale, re hlabe selekane, nna le wena, e be bopaki pakeng tsa ka le wena.

45Yaba Jakobo o nka lejwe, a le emisa hore e be sefika.

46Jakobo a re ho banababo: Bokellang majwe. Ba nka majwe, ba etsa mokolokotwane, mme ba jela teng hodima mokolokotwane.

47Labane a o rea Jegare-Sahadutha (mokolokotwane wa bopaki), Jakobo a o rea Galede (mokolokotwane wa bopaki).

48Yaba Labane o re: Mokolokotwane ona e be paki mahareng a ka le wena kajeno. Ke ka baka leo lebitso la wona ho thweng ke Galede,

49leha e le Mitspe (nqalo ya ho lebela), kahobane a re: Jehova a lebele pakeng tsa ka le wena ha re se re sa bonane,

50hore, ha o ka hlokofatsa baradi ba ka, kapa o ka nka basadi ba bang kantle ho baradi ba ka, hase motho ya tla ba le rona; o iponele, Modimo ke wona o tla ba paki ho nna le wena.

51Labane a boela a re ho Jakobo: Mokolokotwane ke ona, mme sefika ke sena seo ke se hahileng pakeng tsa ka le wena.

52Mokolokotwane ona e be paki, le sefika sena e be paki tsa hobane, nna, ha nka ke ka feta mokolokotwane ona ho ya ho wena, le hoba wena, ha o ka ke wa feta mokolokotwane ona, le sefika sena ho tla ho nna ka taba tse mpe.

53Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Nakore, Modimo wa bontata bona o re ahlolele. Yaba le Jakobo o hlapanya ka ya tshajwang ke Isaaka, ntatae.

54Jakobo a hlaba sehlabelo thabeng, a bitsa bahabo ho tla ja bohobe; yaba ba ja bohobe, ba robala thabeng.

55Hosasa Labane a tsoha, a aka bara ba hae le baradi ba hae, a ba hlohonolofatsa. Yaba Labane o tloha, a kgutlela ha habo.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help