II DIKRONIKE 16 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Asa o etsa phoso ya ho etsa selekane le morena wa Siria ho lwantsha morena wa Iseraele.

1Ka selemo sa mashome a mararo a metso e tsheletseng sa ho busa ha Asa, Baesha, morena wa Iseraele, a futuhela Juda, mme a haha Rama, hore ho tle ho se ke ha eba motho wa Asa, morena wa Juda, ya dumellwang ho tswa le ho kena.

2Yaba Asa o ntsha silefera le kgauta bobolokelong ba ntlo ya Jehova le ba ntlo ya morena, a di romela ho Ben-Hadade, morena wa Siria, ya ahileng Damaseka, a re:

3Selekane se teng mahareng a ka le wena, jwalokaha se ne se le teng mahareng a ntate le ntatao. Bona, ke o romela silefera le kgauta; tloo, o kgaole selekane sa hao le Baesha, morena wa Iseraele, a tle a ntlohele.

4Ben-Hadade a mamela morena Asa, mme a roma balaodi ba makgotla a hae ho lwantsha metse ya Iseraele, mme ba kena Ijone, le Dane, le Abele-Maime, le metse yohle ya mediko ya Nefthali.

5Eitse ha Baesha a utlwa tseo, a lesela ho haha Rama, mme a tlohela mosebetsi oo wa hae.

6Yaba morena Asa o ya le Bajuda kaofela, ba nka majwe le difate tseo Baesha a neng a haha Rama ka tsona, mme ka tsona a haha Geba le Mitspe.

7Mohlang oo, Hanani seboni a tla ho Asa, morena wa Juda, a re ho yena: Erekaha u itshetlehile ka morena wa Siria, mme o sa ka wa itshetleha ka Jehova, Modimo wa hao, ka baka leo, makgotla a morena wa Siria a o phonyohetse.

8Ha ke re, Baethiopia le Balibia e ne e le sera se seholo se nang le makoloi le bapalami ba bangatangata? Leha ho le jwalo, kahobane o ne o itshetlehile ka Jehova, a ba neela matsohong a hao.

9Ruri, mahlo a Jehova a qamaka lefatsheng lohle hore a emele bao pelo tsa bona e leng tsa hae kaofela. O entse ka bothoto; hobane ho qala jwale, o tla nne o hlahelwe ke dintwa.

10Empa Asa a halefela seboni, mme a se hlahlela teronkong, kahobane a ne a se hlonametse ka baka la taba tsa sona. Hape, hona mohlang oo, Asa a tuba ba bang ba setjhaba.

11Haele ditaba tsa Asa, tsa ho qala le tsa ho qetella, bonang, di ngodilwe bukeng ya marena a Juda le Iseraele.

12Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robileng mono o le mong sa ho busa ha hae, Asa a jewa ke maoto, mme bohloko boo ba hae ba befa haholo; empa le bohlokong boo, ha a ka a batla Jehova, a mpa a batla dingaka.

13Asa a orohela ho bontatae, a shwa ka selemo sa mashome a mane a motso o mong sa ho busa ha hae.

14A patwa lebitleng la hae, leo a neng a itjheketse lona motseng wa Davida, mme a robatswa malaong a tletseng dinoko le dibano tse mefuta e mengata tse entsweng ka mokgwa wa baetsi ba tse nkgang hamonate; a ba a tjhesetswa bongata bo boholo haholo ba tsona.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help