BAAHLODI 13 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Samsone. — Ho tswalwa ha hae.

1Yaba bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pela Jehova, mme Jehova a ba neela matsohong a Bafilesta ka dilemo tse mashome a mane.

2Monna o ne a le teng Tsorea, wa leloko la Dane, lebitso la hae e le Manowa; mosadi wa hae e ne e le nyopa, a sa tswale bana.

3Lengeloi la Jehova la hlahela mosadi eo, la re ho yena: Bona, o nyopa, mme ha o tswale bana; empa o tla emara, o tswale moshanyana.

4Mme jwale, o tle o iponele hle; o se ke wa nwa veine, leha e le seno se bodila, mme o se ke wa ja letho le ditshila.

5Hobane, bona, o tla emara, o tswale moshanyana; lehare le ke ke la mmeola hlooho, hobane ngwana e tla ba monasari wa Modimo, a sa le popelong ya mmae: ke yena ya tla qala ho namolela Iseraele matsohong a Bafilesta.

6Yaba mosadi o ya, a bolella monna wa hae, a re: Ho tlile ho nna monna wa Modimo, sebopeho sa hae e ne e le se kang sebopeho sa lengeloi la Modimo ka ho tshabeha; ha ke a ka ka mmotsa moo a tswang teng, le lebitso la hae ha a ka a mpolella lona.

7O itse ho nna: Bona, o tla emara, o tswale moshanyana; mme jwale, o se ke wa nwa veine, leha e le seno se bodila, mme o se ke wa ja letho le ditshila, hobane ngwana e tla ba monasari wa Modimo, a sa le popelong ya mmae, a be a shwe.

8Yaba Manowa o rapela Jehova, a re: Oho Monghadi, monna wa Modimo, ya romilweng ke wena, a ke a boele a tle ho rona, mme a re rute kamoo re tshwanetseng ho etsetsa ngwana ya tla hlaha kateng.

9Modimo wa utlwa lentswe la Manowa, mme lengeloi la Modimo la boela la tla ho mosadi a dutse masimong, Manowa, monna wa hae, a se teng le yena.

10Mosadi a phakisa a matha, a tsebisa monna wa hae, a re ho yena: Bona, monna ya tlileng ho nna maoba, o boetse o itlhahisitse ho nna.

11Manowa a tloha, a sala mosadi wa hae morao, a fihla ho monna wa Modimo, a re ho yena: Na ke wena monna ya kileng a bua le mosadi enwa na? A araba, a re: Ke nna enwa.

12Manowa a re: Etlare hobane seo o se boletseng se etsahale, molao o tlang ho busa ngwana e tla ba ofe, mosebetsi wa hae e tla ba ofe na?

13Lengeloi la Jehova la re ho Manowa: Mosadi a ke a itshabise tsohle tseo ke di boletseng;

14a se ke a ja letho le tswang morareng, a se ke a nwa veine, leha e le seno se bodila, mme a se ke a ja letho le ditshila; a boloke tsohle tseo ke mo laetseng tsona.

15Manowa a re ho lengeloi la Jehova: Re dumelle re o thibele, re tle re o lokisetse potsanyane.

16Lengeloi la Jehova la re ho Manowa: Leha o ka nthibela, nke ke ka ja dijo tsa hao; leha o ka etsa setjheso, se etsetse Jehova. Hobane Manowa o ne a sa tsebe hoba ke lengeloi la Jehova.

17Manowa a botsa lengeloi, a re: Bitso la hao o mang, re tle re o rorise, ha se boletsweng ke wena se hlahile?

18Lengeloi la Jehova la re ho yena: O botsetsang lebitso la ka? Ke le makatsang!

19Yaba Manowa o nka potsanyane le nyehelo, a di beela Jehova lefikeng. Lengeloi la etsa ho makatsang, Manowa le mosadi wa hae ba ntse ba tadimile.

20Yare ha malakabe a aletare a nyolohela lehodimong, lengeloi la Jehova la nyoloha le lona malakabeng a aletare, Manowa le mosadi wa hae ba ntse ba tadimile; mme ba itihela fatshe ka difahleho tsa bona.

21Lengeloi la Jehova ha le a ka la boela la hlahela Manowa le mosadi wa hae. Jwale Manowa a tseba hobane e ne e le lengeloi la Jehova.

22Manowa a ba a re ho mosadi wa hae: Re tla shwela ruri, hobane re bone Modimo.

23Mosadi wa hae a re ho yena: Hojane Jehova a ratile ho re bolaya, a ka be a sa ka a amohela setjheso le nyehelo matsohong a rona, mme a ka be a sa ka a re bontsha dintho tseo tsohle, leha e le ho re tsebisa taba tse kalo nakong ena.

24Mosadi eo a tswala moshanyana, mme a mo rea lebitso la Samsone; ngwana a nna a hola, mme Jehova a nna a mo hlohonolofatsa.

25Moya wa Jehova wa qala ho mo sisinya, a le Mahane-Dane, mahareng a Tsorea le Eshthaole.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help