II SAMUELE 12 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Yaba Jehova o romela Nathane ho Davida, a tla ho yena, a re ho yena: Ho ne ho le banna ba babedi motseng o le mong, e mong e le morui, e mong e le mofutsana.

2Morui o ne a na le dinku le dikgomo tse ngatangata.

3Mofutsana o ne a se na letho haese konyana e le nngwe e nyenyane e tshehadi, eo a e rekileng, a e fepile, e hotse ha hae hammoho le bana ba hae, e ntse e eja dijo tsa hae, e enwa mohopeng wa hae, e robala sefubeng sa hae, ho yena eka ke moradi.

4Ha mpa ha fihla moeti ha morui; yena a ba leqe ho nka dinkung tsa hae le dikgomong tsa hae ntho e lokisetswang moeti ya fihletseng ha hae, a ya nka konyana ya mofutsana, a e lokisetsa motho ya fihlileng ha hae.

5Yaba Davida o halefela motho eo haholo, a re ho Nathane: Ka Jehova ya utlwang, motho ya entseng hoo o lokelwa ke lefu.

6Haele konyana, a ke a e lefe ka tse nne, hobane o entse taba ena le ho hloka mohau.

7Nathane a re ho Davida: Motho eo ke wena! Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Nkile ka o tlotsa hore o be morena wa Iseraele, ke bile ke o namoletse matsohong a Saule.

8Ka ba ka o nea le ntlo ya morena wa hao, le basadi ba monga hao sefubeng sa hao, ka o nea le ntlo ya Iseraele le Juda; le hojane wa re, hona ho honyenyane, nka be ke o ekeleditse ka hore le ka hore.

9O nyediseditseng lentswe la Jehova, ha o entse manyala a kalo pela mahlo a hae? O bolaile Uria Mohethe ka lerumo, o bile o inketse mosadi wa hae, hore e be mosadi wa hao; Uria yena, o mmolaile ka lerumo la bana ba Ammone.

10Jwale, lerumo ha le sa tla tloha tlung ya hao le ka mohla o le mong, ka baka la hobane o nnyedisitse, ha o nkile mosadi wa Uria Mohethe, hore e be mosadi wa hao.

11Ka baka lena, Jehova o re: Bona, ke tla o tsosetsa bobe tlung ya hao, ke nke basadi ba hao pontsheng ho wena, ke ba nee wa heno, a tle a robale le basadi ba hao pontsheng ya letsatsi lena.

12Wena, o entse ka sephiring, nna ke tla etsa taba eo pontsheng ho Baiseraele bohle, le pontsheng ya letsatsi.

13Yaba Davida o re ho Nathane: Ke sitetswe Jehova. Nathane a re ho Davida: Le yena Jehova o se a fetisitse sebe sa hao, o ke ke wa shwa.

14Leha ho le jwalo, ka baka la hobane o nyefodisitse dira tsa Jehova ka taba eo, ngwana ya tswaletsweng wena o tla shwa ruri.

15Yaba Nathane o boela hae.

Jehova a otla ngwana ya tswaletsweng Davida ke mosadi wa Uria, a kula haholo.

16Davida a rapella ngwana ho Modimo; Davida a itima le dijo; mme ha a kene tlung ya hae, a sekama fatshe le bosiu bohle.

17Baholo ba ntlo ya hae ba mo phehella hore ba mo tsose fatshe, a mpa a hana, a hana le ho ja dijo le bona.

18Eitse ka letsatsi la bosupa, ngwana a shwa. Bahlanka ba Davida ba tshaba ho mo tsebisa hore ngwana o timetse, hobane ba ne ba re: Bonang, ha esitile ngwana a sa phela, ra bua le yena, a mpa a se ke a re utlwa, o ya etsang ha re mmehela hobane ngwana o timetse?

19Davida a mpa a bona hobane bahlanka ba hae ba nyenyeletsana; yaba Davida o lemoha hobane ngwana o timetse, Davida a re ho bahlanka ba hae: Ha ke re, ngwana o shwele na? Ba re: O shwele.

20Yaba Davida o tsoha fatshe, a itlhatswa, a tlola, a apara diaparo disele; a kena tlung ya Jehova, a kgumama teng, a ba a boela hae, a qela dijo, mme ba mo tlisetsa, a ja.

21Jwale bahlanka ba hae ba re ho yena: Taba ena o e etsang e isa kae na? Eitse ngwana ha a sa phela, wa itima dijo, wa lla; athe jwale ngwana ha a timetse, o tsohile, o bile o a ja?

22A re: Ngwana ha a ne a sa phela, ke ile ka itima dijo, ka ba ka lla, ka re: Ho tseba mang? Ekaba Jehova o tla nkgauhela ka ho pholosa ngwana!

23Jwale, ha a shwele, ke sa itimelang dijo? Kapa le re, nka mo tsosa na? Ke nna ke tla ya ho yena, yena ha a sa tla boela ho nna.

24Davida a ntoo tshedisa Bathe-Sheba, mosadi wa hae, a ya ho yena, a robala le yena; a boela a tswala moshemane, mme Davida a mo rea lebitso la Salomone. A ratwa ke Jehova,

25mme Jehova a romela ka moporofeta Nathane ho mo rea lebitso la Jedidia (moratuwa wa Jehova), ka baka la Jehova.

26Haele Joabe, a nna a lwantsha Rabba, motse wa bana ba Ammone; a ba a kena motse wa moreneng.

27Yaba Joabe o romela manqosa ho Davida, a re: Ke lwantshitse Rabba, ke bile ke kene motse wa metsi.

28Jwale, o phuthe batho ba sa setseng hae, o tle o emise pela motse, o o kene, esere mohlomong, ha motse o kenwa ke nna, lebitso la ka la roriswa ke hona.

29Ha ho le jwalo, Davida a phutha setjhaba sohle, a tla Rabba, a o lwantsha, a o kena.

30A rola morena wa teng moqhaka wa hae, oo boima ba wona e leng talenta e le nngwe ya kgauta, o bile o kgabisitswe ka mahakwe a bohlokwa; wa rweswa Davida. Hape, a ya le kgapo e kgolo haholo ya motse.

31A ntsha le batho ba teng, a laela hore ba bolawe ka disaga le diege tsa tshepe le dilepe tsa tshepe, a ba fetisa le diboping, a etsa jwalo le ka metse yohle ya bana ba Ammone. Davida le setjhaba sohle ba ntoo boela Jerusalema.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help