II MARENA 24 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Tshiung tsa hae, Nebukadnesare, morena wa Babilona, a mo futuhela, mme Jojakime ya eba mohlanka wa hae ka dilemo tse tharo; a ntoo kweneha, a mo fetohela.

2Le Jehova a romela ho mo lwantsha dihlopha tsa Bakalde, le dihlopha tsa Siria, le dihlopha tsa Moabe, le dihlopha tsa bana ba Ammone, di tle di timetse Juda, ka polelo eo Jehova a neng a e boletse ka bahlanka ba hae, baporofeta.

3Efela kannete ke ka taelo ya Jehova taba ena e hlahetseng Juda, e le hore a mo tlose pela hae, ka baka la dibe tsohle tseo Manasse a di entseng;

4le ka baka la madi a se nang molato a tsholotsweng ke yena, kamoo a neng a tlatsitse Jerusalema kateng, ka madi a se nang molato; mme Jehova ha a ka a rata ho ba tshwarela.

5Haele taba tse ding tsa Jojakime, le tsohle tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?

6Jojakime a orohela ho bontatae, mme mora hae, Jojakine, ya eba morena tulong tsa hae.

7Haele morena wa Egepeta, ha a ka a boela a tloha fatsheng la hae, hobane morena wa Babilona a ne a nkile naha e neng e le ya morena wa Egepeta, ho qala molatswaneng wa Egepeta, ho ya fihla nokeng ya Eufrate.

8Jojakine o ne a le dilemo tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi ha a qala ho busa; a busa ka kgwedi tse tharo Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Nehushtha, moradi wa Elnathane wa Jerusalema.

9A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a etsa le kahohle kamoo ntatae a entseng kateng.

10Mohlang oo, bahlanka ba Nebukadnesare, morena wa Babilona, ba futuhela Jerusalema, mme motse wa thibellwa.

11Le yena Nebukadnesare, morena wa Babilona, a tla, a futuhela motse, e le ha bahlanka ba hae ba ntse ba o thibeletse.

12Ebile Jojakine, morena wa Juda, o tswela ho morena wa Babilona, e le yena, le mmae, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le matona a hae. Morena wa Babilona a mo tshwara ka selemo sa boroba meno e le mmedi sa ho busa ha hae.

13A ya le matlotlo wohle a ntlo ya Jehova, le matlotlo a ntlo ya morena, a pshatla mesebetsi yohle ya kgauta, e neng e entswe ke Salomone, morena wa Iseraele, tempeleng ya Jehova, jwalokaha Jehova a ne a boletse.

14A isa le ba Jerusalema bohle kgolehong, le mahosana wohle, le bahlabani ba matla; ba isitsweng kgolehong ya eba banna ba dikete tse leshome, le ditei, le malala, ho se ke ha sala le a mong, haese mafutsana a setjhaba sa lefatshe.

15A isa Jojakine Babilona kgolehong, le mma morena, le basadi ba morena, le matona a hae, le baholo ba lefatshe; a tloha le bona Jerusalema, a ba isa Babilona kgolehong.

16Le dinatla tsohle, e leng banna ba dikete tse supileng, ka ditei le malala a sekete se le seng, e leng ba matla kaofela le ba tsebang ho lwana, morena wa Babilona a ba isa Babilona kgolehong.

17Morena wa Babilona a bea Matthania, ngwanabo ntata Jojakine, tulong tsa hae, a mo fetola lebitso, a mo rea la Tsedekia.

Tsedekia, morena wa Juda wa ho qetella. — Nebukadnesare o thibella le ho fedisa Jerusalema. — Ba mmuso wa Juda ba iswa kgolehong.

18Tsedekia o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a motso o mong ha a qala ho busa; a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Hamuthale, moradi wa Jeremia wa Libna.

19A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a etsa le ka tsohle tse entsweng ke Jojakime.

20Efela e bile ka kgalefo ya Jehova hoo ho hlahetseng Jerusalema le Juda, a ba a ba lahlela hole le yena. Tsedekia a ntoo fetohela morena wa Babilona.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help