DIPESALEME 37 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Bomadimabe ba monyefodi le bomadimatle ba morapedi. Pesaleme ya Davida.

1O se ke wa hlora ha o bona ba bolotsana, o se ke wa honohela ba etsang ho hobe!

2Hobane, jwaloka jwang, ba ya phakisa ba helwe, ba se ba ya pona jwaloka motalane.

3O be le tshepo ho Jehova, o etse ho hotle; o ahe lefatsheng, o ikgorisetse nneteng.

4O ikgahlisetse ho Jehova, mme o tla o nea se batlwang ke pelo ya hao.

5O laeletse tsela ya hao ho Jehova, o mo tshepe; ho tla sebetsa yena.

6O tla bonahatsa tokelo ya hao jwaloka lesedi, le ho loka ha hao jwaloka ho ela ha motshehare.

7O lebelle Jehova o ikgutseditse, o itshepise ka yena. O se ke wa hlora ka baka la ya atlehang tseleng ya hae, ka baka la motho ya leseho bolotsaneng ba hae.

8O kokobetse bohale ba hao, o tele kgalefo, o se ke wa hlora; ebe etlaba o etsa bobe.

9Hobane ba bolotsana ba tla fediswa, athe ba itshepetseng Jehova ba tla rua lefatshe.

10Ho se ho se hokae, mme molotsana o tla ba siyo; o tla qamaka tulo tsa hae, empa o tla be a setse a le siyo;

11empa ba bonolo ba tla rua lefatshe ba iketle kgotsong e kgolo.

12Molotsana o rera ya lokileng, o mo tsikitlanyetsa meno.

13Morena o tsheha ka yena, hobane o bona hoba letsatsi la hae le a tla.

14Ba bolotsana ba tsomotse marumo, ba tjhehile diqha ho diha mohlomohi le mofumanehi, ho bolaya ba metsamao e lokileng;

15marumo a bona a tla fohla dipelong tsa bona, diqha tsa bona di robehe.

16Se senyenyane se ruilweng ke ya lokileng se fetisa nala ya ba babe ba bangata;

17hobane matsoho a ba babe a tla robeha, empa Jehova o tiisa ba lokileng.

18Jehova o tseba matsatsi a ba lokileng, ba tiiseditswe lefa la bona ka ho sa feleng;

19ba ke ke ba swaba matsatsing a mabe, ba ya nne ba kgore ka matsatsi a tlala.

20Ba bolotsana ba ya fela, bao e leng dira ho Jehova ba tla timela jwaloka makgulo a matle, ba timele jwaloka mosi.

21E mobe o a adima, mme ha a buse; empa ya lokileng o na le mohau, o a fana;

22hobane ba hlohonolofatswang ke Jehova ba tla ja lefa la lefatshe, empa bao a ba rohakang ba tla fediswa.

23Jehova o tiisa metsamao ya ya lokileng, o kgahliswa ke tsela ya hae;

24leha a ka wa, ha a welle ruri, hobane Jehova o mo nenesa ka letsoho.

25Nkile ka ba motjha, mme jwale ke tsofetse; empa ha ke eso ho bone ya lokileng a tlohelwa, leha e le ditloholo tsa hae di sikila bohobe;

26o fana kamehla, o bile o a adima, mme hlohonolofatso e dutse hodima ditloholo tsa hae.

27Sesefa bobe, o etse botle, ke moo o tla dula o iketlile ka ho sa yeng kae.

28Hobane Jehova o rata ho loka, mme ha a tlohele bakgethwa ba hae; ba bolokwa kamehla; empa lesika la ba babe le tla fediswa.

29Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatshe, mme ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.

30Molomo wa ya lokileng o ntsha mantswe a hlalefileng, leleme la hae le bolela ho loka;

31pelong ya hae o na le molao wa Modimo wa hae, maoto a hae a ke ke a thella.

32E mobe o lalla ya lokileng, o batla a ka mmolaya;

33empa Jehova a ke ke a mo tlohella matsohong a hae, a ke ke a mo tswa ha a ahlolwa.

34O itshepise ka Jehova, o tiye ditseleng tsa hae, mme o tla o hodisa, o tle o je lefa la lefatshe; o tla bona le tshenyeho ya ba babe.

35Ke bone e mobe a iphile matla, a phahamile jwaloka sefate se fupuhang naheng ya sona;

36o fetile; jo! o se a le siyo; ka mmatla, a se ke a fumanwa.

37Lemoha ya lokileng, o tadime motho wa toka; hobane motho wa kgotso o sa tla bona ditloholo,

38empa ba bolotsana ba timela, mme ditloholo tsa ba babe di a fediswa.

39Poloko ya ba lokileng e tswa ho Jehova; ke yena qhobosheane ya bona letsatsing la matswalo;

40Jehova o a ba thusa, o a ba boloka; o ba namolela ho ba babe, o a ba pholosa, kahobane ba beile tshepo ya bona ho yena.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help