BAAHLODI 14 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Samsone o nyala morwetsana wa Mofilesta.

1Samsone a theohela Thimna, a bona mosadi hara baradi ba Bafilesta, Thimna.

2A kgutla, a tsebisa ntatae le mmae, a re: Ke bone mosadi Thimna hara baradi ba Bafilesta; nnkeleng yena jwale, e be mosadi wa ka.

3Ntatae le mmae ba re ho yena: Na ha ho mosadi hara baradi ba banabeno le setjhabeng sa heso kaofela, haele moo o re, o rata ho inkela mosadi hara Bafilesta, bao ba maqai? Samsone a re ho ntatae: Nnkeleng yena, hobane o a nkgahla.

4Haele ntatae le mmae, ba ne ba sa tsebe hobane taba eo e tswa ho Jehova; athe Samsone o ne a batla sebaka sa ho lwantsha Bafilesta; hobane mohlang oo, Bafilesta ba ne ba busa Baiseraele.

5Ha ho le jwalo, Samsone a theohela Thimna, a ena le ntatae le mmae; ba re ba sa fihla masimong a merara a Thimna, bonang, tawana ya teana le yena e puruma.

6Yaba moya wa Jehova o a mo tlela ka matla; a harola tau, jwalokaha ho harolwa potsanyane, a sa tshwara letho matsohong a hae; empa a se ke a tsebisa ntatae le mmae seo a se entseng.

7A ba a theoha, a bua le mosadi, mme Samsone a kgahlwa ke yena.

8Kamora ditshiuana, ha a ya mo lata, a kgeloha tsela ho ya bona sefifi sa tau; a bona sehlopha sa dinotshi se le teng sefifing sa tau le mafura a tsona.

9A nka mafura diatleng tsa hae, mme a tloha, a tsamaya a ntse a eja; eitse ha a fihla ho ntatae le mmae, a ba fa, mme le bona ba eja; a mpa a se ke a ba tsebisa hobane o nkile mafura a dinotshi sefifing sa tau.

10Ntatae a theohela ho mosadi, mme Samsone a etsa mokete teng, kamoo e leng mokgwa wa bahlankana kateng.

11Ha ba mmona, ba mo kgethela baetsana ba mashome a mararo, ba eba le yena.

12Samsone a re ho bona: A nke ke le beele selotho; ha le ka ntlhalosetsa sona hantle matsatsing a supileng a mokete, la se nepa, ke tla le nea diaparo tse mashome a mararo le dikobo tse mashome a mararo tsa mokete.

13Empa ha le sitwa ho ntlhalosetsa sona, ke lona le tla nnea diaparo tse mashome a mararo tsa mokete. Ba re ho yena: Re bolelle selotho sa hao, re se utlwe.

14A re ho bona: Sejo se tswile ho moji, mme se hlabosehang se tswile ho ya matla. Mme ka matsatsi a mararo, ba sitwa ho hlalosa selotho.

15Eitse ka la bosupa, ba re ho mosadi wa Samsone: Qeka monna wa hao, hore a re hlalosetse selotho; ha ho se jwalo, re tla o tjhesa, wena le ntlo ya ntatao. Hleka le re bileditse kwano hore le re tlatlape tsa rona, kapa ha ho jwalo na?

16Mosadi wa Samsone a nna a lla pela hae, a re: O fela o ntlhoile, ha o nthate hle; o beetse bana ba setjhaba sa heso selotho, mme ha o a ka wa ntlhalosetsa sona. A re ho yena: Bona, ha esita ntate le mme ke sa ka ka ba hlalosetsa sona, nka o hlalosetsa sona ka mokgwa o jwang na?

17Empa mosadi a nna a lla pela hae ka matsatsi a supileng a mokete wa bona, jwale ka la bosupa a mo hlalosetsa selotho, ka ho kgathatswa ke yena; mme eo a hlalosetsa bana ba setjhaba sa habo selotho.

18Ka la bosupa, letsatsi le eso ho dikele, banna ba mmotsa, ba re ho yena: Se fetisang dinotshi ka ho hlaboseha e ka ba eng, mme se fetisang tau ka matla keng? A re ho bona: Hola le sa ka la lema ka sethole sa ka, le ka be le sa ka la nepa selotho sa ka.

19Yaba moya wa Jehova o a mo tlela ka matla; a theohela Ashkelone, a bolaela teng banna ba mashome a mararo; a ya le ntho tsa bona, mme a nea ba hlalositseng selotho sa hae diaparo tsa bona. A tlala bohale, mme a kgutlela tlung ya ntatae.

20Empa mosadi wa Samsone a newa molekane wa hae, eo a neng a mo entse moetsana wa hae.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help