DIPESALEME 52 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Leleme le sebang le tshwanetse ho kgalemelwa.Ho monga baphokodi. Sefela sa Davida, sa mohla Doege, Moedomo, a tlileng ho tsebisa Saule hore Davida o tlile ka tlung ya Akimeleke.

1Wena mohale, o ithorisa keng ka bolotsana ba hao? Mohau wa Modimo ke wa kamehla.

2Leleme la hao le rera tshenyo feela, jwaloka lehare le leoditsweng, wena ya etsang bohata.

3O rata bobe haholo ho botle, le leshano haholo ho ditaba tse lokileng. (Sela.)

4O rata dipolelo tsohle tsa tshenyo, wena ya nang le leleme le thetsang!

5Empa le wena Ya matla wohle o tla o senya ka ho sa yeng kae, o tla o tshwara, a o pshemole tenteng ya hao, a o fothole lefatsheng la ba utlwang. (Sela.)

6Ba lokileng ba tla bona hoo, ba tshabe; ba tla tsheha ka yena, ba re:

7Ke eo motho ya sa kang a inkela Modimo ho mo etsa qhobosheane ya hae, ya neng a itshepisa ka maruo a hae a maholo, ya neng a ipea matla ka bolotsana ba hae!

8Empa nna, ke jwaloka mohlwaare o motala ka tlung ya Modimo; ke itshepetse mohau wa Modimo kamehla yohle.

9Ke tla o rorisa kamehla, hobane o sebeditse hoo; ke tla tshepa lebitso la hao, hobane le molemo ho bakgethehi ba hao.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help