II MARENA 13 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Joakase le Joase, Marena a Iseraele. — Ho shwa ha Elisha.

1Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e meraro sa Joase, mora Akasia, morena wa Juda, Joakase, mora Jehu, a qala ho busa Iseraele a le Samaria, a busa ka dilemo tse leshome le metso e supileng.

2A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a ya ka dibe tseo Jeroboame, mora Nebathe, a sebisitseng Iseraele ka tsona, a se ke a di kgeloha.

3Ebile Jehova o halefela Baiseraele, a ba neela matsohong a Hasaele, morena wa Siria, le matsohong a Ben-Hadade, mora Hasaele, tshiung tsohle tsa Joakase.

4Joakase a rapela Jehova, mme Jehova a mo utlwa, ha a bona ho tshwenyeha ha Baiseraele, kamoo ba tshwenngwang kateng ke morena wa Siria.

5Jehova a nea Iseraele monamodi, ba namolelwa matsohong a Basiria, mme bana ba Iseraele ba boela ba aha ditenteng tsa bona jwaloka pele.

6Empa leha ho le jwalo, ha ba ka ba furalla dibe tsa ntlo ya Jeroboame, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona, ba mpa ba itsamaela ka tsona; esita le setshwantsho sa Ashtarothe sa sala Samaria.

7Joakase ha a ka a tlohellwa batho, haese bakalli ba mashome a mahlano, le makoloi a leshome, le dikete tse leshome tsa ba maoto; hobane morena wa Siria o ne a ba timeditse, a ba etsa jwaloka lerole ha le hatwa ka maoto.

8Haele taba tse ding tsa Joakase, le tsohle tseo a di entseng, le matla a hae, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?

9Yaba Joakase o orohela ho bontatae, a patwa Samaria, mme Joase, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

10Ka selemo sa mashome a mararo a metso e supileng sa Joase, morena wa Juda, Joase, mora Joakase, a qala ho busa Iseraele a le Samaria, a busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng.

11A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a se ke a furalla dibe tsohle tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona; le yena a ya ka tsona.

12Haele taba tse ding tsa Joase, le tsohle tseo a di entseng, le matla ao a lwantshitseng Amatsia, morena wa Juda ka wona, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?

13Joase a orohela ho bontatae, mme Jeroboame a dula teroneng ya hae; Joase yena a patwa Samaria ho marena a Iseraele.

14Mohla Elisha a kulang ke lefu leo a tla shwa ke lona, Joase, morena wa Iseraele, o ne a theohetse ho yena, a lla pela hae, a re: Ntate, ntate! koloi ya Iseraele le bapalami ba yona!

15Elisha a re ho yena: Nka seqha le metsu. A nka seqha le metsu.

16Yaba o re ho morena wa Iseraele: Koba seqha. A se koba. Elisha a ntoo bea matsoho a hae hodima matsoho a morena,

17a re: Bula sefensetere se lebileng botjhabatsatsi. A se bula. Elisha a re: Phosa. A phosa. Elisha a re: Ke motsu oo Jehova a o lopollang ka wona, ke motsu oo namolelang ho Basiria; hobane a tla hlola Basiria Afeke, o be o ba qete.

18A re: Nka metsu. A e nka. A boela a re ho morena wa Iseraele: Otla fatshe. A otla hararo, a ntoo ema.

19Monna wa Modimo a mo halefela, a re: Hoja eba o otlile hahlano, leha e le hatshelela, ekabeba o hlotse Basiria, wa ba wa ba qeta; athe jwale o tla hlola Basiria hararo feela.

20Elisha a shwa, a patwa. Selemo, dihlopha tsa Bamoabe tsa futuhela naheng ya Iseraele.

21Eitse mohlomong, ha ho patwa mofu, ba bona ho hlaha sehlopha. Ebile ba lahlela mofu lebitleng la Elisha, mme mofu ha a thetsa masapo a Elisha, yaba o boela a phela, a tsoha, a ema ka maoto.

22Haele Hasaele, morena wa Siria, a tshwenya Iseraele tshiung tsohle tsa Joakase.

23Empa Jehova a hauhela Baiseraele, a ba rekolohela, a retelehela ho bona ka baka la selekane sa hae le Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, a se ke a rata ho ba timetsa, kahobane a ne a eso ho rate ho ba lahlela hole le yena.

24Hasaele, morena wa Siria, a shwa, mme Ben-Hadade, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

25Joase yena, mora Joakase, a boela a hapa matsohong a Ben-Hadade, mora Hasaele, metse e beng e hapilwe ke yena matsohong a ntatae ka ntwa. Joase a mo hlola hararo, a boela a rua metse eo ya Iseraele.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help