DIPESALEME 26 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Thapelo ya mohloriswa ya se nang molato ha a hlolohetswe ntlo ya Modimo. Pesaleme ya Davida.

1Nkahlolele, Jehova! hobane ke phela ka toka ya ka; ke itshepetse Jehova, ha ke sisinyehe.

2O ntekole, Jehova, o batlisise ho nna! O leke letheka la ka le pelo ya ka!

3Hobane mohau wa hao o pela mahlo a ka, mme ke latela nnete ya hao.

4Ha ke dule le batho ba ratang leshano, ha ke etelane le baikaketsi.

5Ke hloile mokgatlo wa ba bolotsana, ha ke dudisane le batho ba babe.

6Ke hatlela matsoho a ka ho lokeng, ke pota aletare ya hao, Jehova,

7ke ntse ke kgeleketsa lentswe la diteboho le ho bolela mehlolo ya hao kaofela.

8Jehova, ke rata leaho la ntlo ya hao, le nqalo moo kganya ya hao e leng teng.

9O se ke wa tlosa moya wa ka le baetsadibe, leha e le bophelo ba ka le ba batho ba madi,

10ba tshwereng polao matsohong a bona, mme seatla sa bona se setona se tletse dineo tsa qeko!

11Haele nna, ke tla nne ke tsamaye ka toka ya ka; o mpoloke, o nketse ka mohau!

12Leoto la ka le tiya tseleng e lokileng. Ke tla roka Jehova diphuthehong.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help