NUMERE 17 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Thupa ya Aarone.

1Jehova a bua le Moshe, a re:

2Bua le bana ba Iseraele, mme o nke ho bona dithupa tse leshome le metso e mmedi, e nngwe ka ntlo e nngwe le e nngwe ya bontata bona; ke ho re, o nke e nngwe ho morena e mong le e mong wa matlo a bontata bona.

3O tla ngola lebitso la e mong le e mong thupeng ya hae, mme o tla ngola lebitso la Aarone thupeng ya Levi; hobane ho tla ba thupa e le nngwe ka morena e mong le e mong wa matlo a bontata bona.

4O tla di bea ka tenteng ya pokano, pela areka ya bopaki, moo ke kopanang le lona teng.

5Monna eo ke tla mo kgetha, e tla ba eo thupa ya hae e tswang dipalesa, mme ke tla fedisa medumadumo e ntseng e bolelwa hodima lona ke bana ba Iseraele.

6Yaba Moshe o phetela bana ba Iseraele mantswe ao; marena wohle a mo nea dithupa; morena e mong le e mong a mo nea thupa; dithupa tsa eba leshome le metso e mmedi, ka palo ya matlo a bontata bona. Thupa ya Aarone e ne e le hara tsa bona.

7Moshe a bea dithupa pela Jehova, ka tenteng ya bopaki.

8Ka hosasa, eitse ha Moshe a kena tenteng ya bopaki, a bona thupa ya Aarone, e beetsweng ntlo ya Levi, e tswile dipalesa, e hlahisitse menoko, e fupusitse dipalesa, e beile le diamanda.

9Yaba Moshe o tlosa dithupa tsohle pela Jehova, a di isa ho bana bohle ba Iseraele; ba di bona, mme e mong le e mong a nka thupa ya hae.

10Jehova a re ho Moshe: Busetsa thupa ya Aarone pela areka ya bopaki, e tle e bolokwe teng, e be pontsho ho baikgantshi, o tle o fedise pela ka medumadumo ya bona, hore ba se ke ba timela.

11Moshe a etsa jwalo; a fela a etsa ka taelo eo Jehova a mo neileng yona.

12Yaba bana ba Iseraele ba re ho Moshe: Bona, re a shwa, re a fela, re fela kaofela!

13E mong le e mong ya atamelang tabernakele ya Jehova o a timela. Na ke ho re, re tshwanetse ho timela kaofela na?

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help