1Hobane, bonang, Morena, Jehova wa makgotla, o ya tlosa Jerusalema le Juda matla le kotlo yohle, kotlo yohle ya bohobe, le kotlo yohle ya metsi;
2monna ya matla le ya bohale ntweng, maohlodi le moporofeta, senohe le kgosana;
3le balaodi ba makgotla le batshepehi, le baeletsi, le ba masene mesebetsing, le baupelli ba bohlale.
4Ke tla ba nea bahlankana ho ba marena a bona, bana ba ba buse.
5Mme batho ba tla jana, e mong le e mong a jewe ke wa habo; mohlankana o tla tsohela motho ya hodileng matla, le ya nyatsehang a tsohele ya hlomphehang matla.
6Motho o tla tshwara ngwanabo ka tlung ya ntatae, a re ho yena: O na le kobo, tloo, o be morena wa rona, tshenyeho ena e bonwe ke wena.
7Empa eo o tla fetola ka letsatsi leo, a re: Nke ke ka tseba ho alafa taba eo; hobane ha ho bohobe, leha e le kobo ka tlung ya ka; le se ke la mpea mmusi wa setjhaba.
8Hobane Jerusalema o a thekesela, Juda o a wa, hobane maleme a bona le diketso tsa bona di lwantsha Jehova, ho halefisa mahlo a kganyang a hae.
9Tjhadimo ya difahleho tsa bona e a ba tswa, ba tumisitse dibe tsa bona jwaloka Sodoma, ha ba ka ba di pata; ho madimabe meya ya bona, hobane ke bona ba ipatletseng kotsi.
10Ereng: Ba lokileng ba tla ba lehlohonolo, hobane ba tla ja ditholwana tsa diketso tsa bona.
11Ho madimabe molotsana, o dutse hampe; hobane o tla newa moputso wa mesebetsi ya matsoho a hae.
12Haele setjhaba sa ka, se hatakelwa ke bana, basadi ba se busa. A setjhaba sa ka! batsamaisi ba hao ba o kgelosa, ba senya tsela eo o tsamayang ka yona.
13Jehova o itlhahisa ho tseka, o ema ho ahlola ditjhaba.
14Jehova o biletsa baholo ba setjhaba sa hae le marena a sona tsekong, o re: Le jele tshimo ya merara, mme kgapo eo le e amohileng bafumanehi e matlung a lona.
15Le reng ha le hlorisa setjhaba sa ka, leha le pitla difahleho tsa basenyehi? ho botsa Morena, Jehova wa makgotla.
16Jehova o boletse, a re: Erekaha baradi ba Sione ba ikgantsha, ba tsamaya ka melala e sataletseng, le mahlo a nyemotsang, ba nantsha maoto, ba rwarwaetsa ka mekgabo ya maoto,
17ka baka leo, Morena o tla hlotha mangetse a dihlooho tsa baradi ba Sione, a di etse mafatla, Jehova a apole dihlong tsa bona.
18Mohlang oo, Morena o tla tlosa ditsela tse maqaqailaneng, le meqhaka, le maphaketsana,
19le masale a mmofa, le mefitshana, le masira a kase,
20le mefapahlooho, le merutlwana, le dinyepa, le dikooma tsa ditlolo, le dithatho,
21le masale a menwana, le mekadi e lepeletseng dinkong,
22le diaparo tsa mekgabo, le dikgela, le mese e phuphuthang, le mekotlana,
23le diipone, le masela a boleana a lene e ntle, le dituku tse qhakileng, le ditipe tsa kase.
24Bakeng sa monko o monate e tla ba sebodu, bakeng sa senyepa e be lerapo; bakeng sa mangetse a forilweng e tla ba mafatla, bakeng sa masatshana a basadi e be lesela le mahwashe, bakeng sa botle e be sefahleho se tjhesitsweng ka letshwao.
25Banna ba hao ba tla dihuwa ke lerumo, bahale ba hao ba ya fela ntweng.
26Dikgoro tsa Jerusalema di tla lla, di be di bokolle; o tla dula fatshe a fetohile lesupi.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.