1Ha ke bitsa, o nkarabe, wena Modimo wa ho loka ha ka! Ha ke le matswalong, o a ntokolla! Nkgauhele, o mamele thapelo ya ka.
2Lona bana ba batho, kganya ya ka le tla e fetola sesomo, le rate bosawana, le tiise leshano ho le hokae na? (Sela.)
3Tsebang hobane Jehova o tlotlisa eo a mo ratang. Ha ke bitsa ho yena, Jehova o a nkutlwa.
4Tshohang, le se ke la seba. Ha le robetse, le lose teng, le setse le kgutsitse. (Sela.)
5Hlahisang mahlabelo a ho loka, le itshepele Jehova.
6Ba bangata ba re: Re tla fumantshwa lehlohonolo ke mang? Jehova, ako re tjhabisetse lesedi la sefahleho sa hao!
7Pelong ya ka o nneile nyakallo e fetisang ya bona, mohla mabele a ba atetseng le veine.
8Ke sekama ka kgotso, ke be ke ithoballe ka kgotso, hobane, Jehova, ke wena o nnotshi ya nkahisang boiketlong.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.