DIPESALEME 60 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Dillo tsa setjhaba se hlotsweng ntweng.Ho monga baphokodi. Ka pina ya Shushan-Eduthe. Sefela sa Davida se bolelang thuto, sa mohla a neng a lwantsha Basiria ba Mesopotamia le Basiria ba Tsoba, le sa mohla Joabe, ha a kgutla, a otlang Baedomo Thoteng ya Letswai, a bolaya ba dikete tse leshome le metso e mmedi.

1Oho Modimo, o re lahlile, o re qhalantse; o ne o halefile; oho, o boele o re tsose!

2O sisintse naha, o e qheheditse: o hahe dikgeo tsa yona, hobane e a reketla.

3O rutile setjhaba sa hao ka dikotlo tse thata, o re nositse veine ya ho diadielwa.

4O emiseditse ba o tshabang folaga, ba tle ba pholohe pela motsu. (Sela.)

5Baratuwa ba hao ba tle ba bolokehe, o re thuse ka letsoho le letona la hao, o re utlwe.

6Modimo o boletse sehalalelong sa wona, wa re: Ke tla hlola! Ke tla arola Sikeme, ke lekanye sekgutlo sa Sukkothe.

7Gileade ke wa ka; Manasse ke wa ka; Efraime ke tshireletso ya hlooho ya ka, mme Juda ke lere la ka la borena;

8Moabe ke morifi oo ke hatlelang ho wona; ke akgela seeta sa ka hodima Edomo; wena, naha ya Bafilesta, phahamisa mehoo ya thabo ka baka la ka.

9Ke mang ya tla nkisa motseng o matla? Ke mang ya tla ntsamaisa ho ya mphihlisa Edomo?

10Na hase wena Modimo, o neng o re lahlile, wena Modimo, o neng o sa hlole o tsamaya le makgotla a rona?

11Re thuse, re tle re pholohe direng tsa rona, hobane thuso ya motho ke lefeela!

12Ka Modimo re tla hlola, ke wona o tla hatakela dira tsa rona.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help