MAREKA 5 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Jesu o fodisa ya nang le motemona naheng ya Bagerasene.

1Yaba ba fihla mose wane wa lewatle, naheng ya Bagerasene.

2A re a sa tswa sekepaneng, motho ya nang le moya o ditshila, ya tswang mabitleng, a phakisa a mo kgahlanyetsa.

3O ne a dula mabitleng, mme ho ne ho se motho ya tsebang ho mo tlama, leha e le ka mahlaahlela;

4hobane o ne a se a ile a tlangwa hangata ka ditshepe le ka mahlaahlela, a mpa a roba mahlaahlela, a tula ditshepe; ho ne ho se motho ya tsebang ho mo thapisa.

5Kamehla, motshehare le bosiu, o ne a le dithabeng le mabitleng, a ntse a howa a ikgoba ka majwe.

6Ha a bona Jesu, a sa le hole, a matha, mme a mo kgumamela.

7A ntoo howa ka lentswe le leholo, a re: Taba ya ka le wena keng, Jesu, Mora Modimo o moholoholo? Ke o antsha ka Modimo, hore o se ke wa ntlhokofatsa.

8Hobane Jesu o ne a re ho wona: Tswa mothong eo, moya o ditshila.

9Jesu a botsa, a re: Lebitso la hao o mang? Wa araba, wa re ho yena: Lebitso la ka ke Legione; hobane re bangata.

10Ba mo rapela haholo, hore a se ke a ba leleka naheng eo.

11Mohlape o moholo wa dikolobe o ne o le teng hona moo dithabeng, o fula.

12Batemona ba mo rapela, ba re: O re romele dikolobeng tseno, re kene ho tsona.

13Jesu a phakisa a ba dumella. Yaba meya e ditshila eo e kena dikolobeng; mme mohlape wa mathela selomong, wa itihela lewatleng, e batlile e eba kete tse pedi, mme tsa bipelwa lewatleng.

14Ba neng ba disitse dikolobe ba baleha, ba ya tsebisa ba motseng le ba naheng; yaba bao ba tswa ho ya bona ho hlahileng.

15Eitse ha ba fihla ho Jesu, ba bona ya neng a na le batemona ba legione a dutse, a apere, a ena le ditaba; mme ba tshaba.

16Ba neng ba bone hoo ba ba bolella kamoo ho entsweng kateng ho motho ya neng a na le batemona, le ho dikolobe.

17Yaba ba qala ho rapela Jesu, hore a tlohe naheng ya bona.

18Ha a kena sekepaneng, motho ya neng a ile a ba le batemona, a mo rapela, hore a mo dumelle ho dula le yena.

19Jesu a se ke a mo dumella, a mpa a re ho yena: Eya hae, haeno, ho banabeno, o ba tsebise tse kgolo tseo Morena a o entseng tsona, kamoo a o utlwetseng bohloko kateng.

20Yaba o a ya, mme a qala ho bolela naheng ya Dekapolise ntho tse kgolo tseo a di entsweng ke Jesu; mme bohle ba makala.

Tsoso ya moradi wa Jairuse; — Phodiso ya mosadi ya nang le phallo ya madi.

21Yare hobane Jesu a boele a tshelele mose wane ka sekepana, bongata bo boholo ba bokana ho yena; o ne a le pela lewatle.

22Yaba motho ya bitswang Jairuse, e mong wa babusi ba sinagoge, a fihla ho Jesu; ha a mmona, a itihela maotong a hae;

23a mo rapela haholo, a re: Ngwanana wa ka o se a le makgatheng a ho shwa; ako tle, o mmee matsoho hodimo, a tle a fole, mme o tla phela.

24Yaba Jesu o ya le yena, mme bongata bo boholo ba mo latela, mme ba ne ba mo hatella.

25Jwale mosadi ya nang le phallo ya madi, dilemo di se di le leshome le metso e mmedi,

26ya neng a utlwile tse bohloko tse ngata ka dingaka tse ngata, a qetile ntho tsa hae kaofela, empa a sa ka a thuswa le hanyenyane, feela bohloko bo nnile ba befa,

27yare ha a utlwa taba tsa Jesu, a kena hara letshwele kamorao, mme a ama kobo ya hae;

28hobane o ne a re: Leha nka ama kobo ya hae feela, ke tla pholoha.

29Yaba hang, madi a hae a kgaotsa ho phalla, mme a ikutlwa mmeleng wa hae hobane bohloko ba hae bo fodile.

30Jesu a mpa a phakisa a lemoha ka ho yena matla a tswileng ho yena, mme a reteleha hara bongata, a re: Ke mang ya amileng kobo ya ka?

31Barutuwa ba hae ba re ho yena: Ha o bona hobane bongata bo a o hatella, o botsa jwang, ha o re: Ke amilwe ke mang na?

32Mme a qamaka kahohle a tle a bone ya entseng hoo.

33Yaba mosadi o tshwarwa ke tshabo, a thothomela, ka ho tseba ho entsweng mmeleng wa hae; a tla, a kgumamela Jesu, mme a mmolella nnete yohle.

34Jesu a re ho yena: Moradi wa ka, tumelo ya hao e o pholositse; eya ka kgotso, mme bohloko ba hao bo fele.

35A re a sa bua, batho ba tswang ha mmusi wa sinagoge, ba fihla, ba re: Moradi wa hao o shwele; o sa kgathaletsang moruti?

36Empa Jesu ha a ka a hlokomela se bolelwang, mme a re ho mmusi wa sinagoge: Se tshohe, dumela feela.

37Mme ha a ka a dumella motho ho mo latela, haese Petrose, le Jakobo, le Johanne, ngwanabo Jakobo.

38Ha a fihla tlung ya mmusi wa sinagoge, a fihlela moferefere, le ba llang, le ba bokollang haholo.

39Yaba o kena, a re ho bona: Le etsetsang moferefere, mme le llelang? Ngwanana ha a shwa, o mpa a robetse.

40Ba mo tsheha; empa Jesu a ba ntshetsa ntle kaofela, a nka ntata ngwanana le mmae le ba tlileng le yena, mme a kena moo ngwanana a robaditsweng teng.

41A tshwara letsoho la ngwanana, a re ho yena: Talitha kumi! Ke ho re, ha ho fetolwa: Ngwanana, ke re ho wena: Tsoha.

42Yaba ngwanana o phakisa a tsoha, a tsamaya, hobane dilemo tsa hae di ne di se di le leshome le metso e mmedi; mme ba hlollwa haholo.

43Jesu a ba laya haholo, hore ho se ke ha tseba motho; a ntoo re, ba fe ngwanana dijo.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help