DIPESALEME 147 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Thoko e rokang ya babaletseng, ya tsositseng Jerusalema.

1Rorisang Jehova, hobane ho hotle ho roka Modimo wa rona; e, ke ntho e monate; thoko e a mo tshwanela.

2Jehova o tsosa Jerusalema, o bokella balelekwa ba Iseraele.

3O fodisa ba pelo di hlabehileng, o tlamella maqeba a bona.

4O lekanya palo ya dinaledi, o di rea mabitso kaofela.

5Morena wa rona o moholo, matla a hae a maholo ka ho fetisisa; kutlwisiso ya hae ha e na ho lekanngwa.

6Jehova o tsosa ba ikokobetsang, o kokobetsa ba babe ho isa fatshe.

7Binelang Jehova diteboho, le roke Modimo wa rona ka harepa!

8O thiba lehodimo ka maru, o lokisa pula ho na lefatsheng; o medisa jwang dithabeng;

9o fa diphoofolo dijo tsa tsona, o fepa madinyane a makgwaba a llang.

10Ha a re letho ka matla a pere, ha a kgahliswe ke maoto a motho.

11Jehova o kgahliswa ke ba mo tshabang, ba itshepelang mohau wa hae.

12Jerusalema, rorisa Jehova! Sione, o roke Modimo wa hao!

13Hobane o tiisa mekwallo ya menyako ya hao, o hlohonolofatsa bara ba hao kahare ho wena.

14O bea kgotso meeding ya hao, o o kgorisa ka moko wa koro.

15O romela lefatshe taelo ya hae, lentswe la hae le tjhatjhametsa kapelepele.

16O nesa lehlwa, le lesweu jwaloka boya ba nku; o hasa serame fatshe jwaloka molora;

17o diha sefako sa hae se thata; ke mang ya ka tsebang ho ema pela dirame tsa hae?

18O romela lentswe la hae, a di qhibidihise; o fokisa moya wa hae, metsi a phorosetse.

19O senoletse Jakobo lentswe la hae, o neile Iseraele melao ya hae le dikahlolo tsa hae.

20Ha a ka a etsa jwalo bakeng sa ditjhaba tse ding kaofela, mme ha di tsebe dikahlolo tsa hae. Bokang Jehova!

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help