EKSODA 21 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Melao e disang makgoba le bophelo ba motho.

1Ke tsena ditaelo tseo o tla di bea pela bona:

2Etlare hobane o reke lekgoba la Moheberu, le tla o sebeletsa ka lemo tse tsheletseng; ka sa bosupa, le tla tswa feela, le sa lefe letho.

3Ha le ne le tlile ha hao le le nnotshi, le tla tloha le le nnotshi; ha le ne le tlile le ena le mosadi, le tla tloha le mosadi wa lona.

4Ha monga lona a ne a le neile mosadi, mme mosadi eo e le tswaletse bara le baradi, mosadi le bana bao e tla ba ba monga lona, haele yena monna, o tla tloha a le mong.

5Ekare ha lekgoba le tiisa, le re: Ke rata monga ka, ke rata le mosadi wa ka le bana ba ka, ha ke rate ho tloha ke ikela;

6teng, monga lona o tla le atametsa pela Modimo, a le atametse pela lemati la monyako kapa kosene ya lona, mme monga lona o tla le phunya tsebe ka lemao, mme le tla nne le mo sebeletse ka ho sa feleng.

7Ekare ha motho a rekisitse ka moradi wa hae ho mo etsa lekgoba, a ke ke a lokoloha ka mokgwa wa makgoba a matona.

8Ha a le mobe mahlong a monga hae ya mo lebeleditseng, o tla re, a lopollwe; ha a na kamoo a ka rekang ka yena kateng ho ba tjhaba sesele, etswe a mo thetsitse.

9Ha a mo nketse mora wa hae, o tla mo etsetsa kamoo motho a etsetsang baradi ba hae kateng.

10Leha a ka nka mosadi e mong, ha a na ho mo fokoletsa dijo, kapa diaparo, kapa ditokelo tsa hae tsa lenyalo.

11Ekare ha a sa mo fe ntho tsena tse tharo, o tla itswela a sa lefe letho, ho se topollo.

12Ekare ha e mong a bata motho, mme eo a eshwa, a bolawe.

13Ha a na a sa mo lalle, Modimo o mpa o mo dihile ka letsoho la eo, ke tla o kgethela moo a ka balehelang teng.

14Ha e mong a tsohela e mong matla ka bolotsana hore a mmolaye ka mano, o tla mo tshwara, leha a se a balehetse aletareng ya ka, o mmolaye.

15Ya ka otlang ntatae, kapa mmae, a bolawe.

16Ekare ha e mong a utswa motho, a rekisa ka yena, kapa a fumanwa matsohong a hae, a bolawe le yena.

17Ya rohakang ntatae, kapa mmae, a bolawe.

18Ekare ha ba bang ba phea kgang, mme e mong a otla e mong ka lejwe, kapa ka setebele, ha a sa shwe, a mpa a robatswa diphateng,

19ha a ka tsoha, a ba a itsamaela kantle ka lere la hae, ya mo otlileng o tla hloka molato, feela o tla lefela ho dula ha hae, mme a mo oke, a be a fole ruri.

20Ekare ha e mong a otla lekgoba la hae la monna kapa la mosadi ka thupa, la eshwa ka letsoho la hae, le tla lefetswa;

21ha le ka phela tsatsi le le leng, kapa a mabedi, le ke ke la lefetswa, hobane ke tjhelete tsa hae.

22Banna ha ba lwana, mme ba thula mosadi wa moimana, mpa e senyeha, a mpa a sa tswe kotsi e isang lefung, ho tla lefshwa tefo e ka bewang ke monna wa mosadi eo, mme e tla lefshwa baahlodi ba le teng.

23Empa ekare ha kotsi e hlahile, o tla lefa bophelo ka bophelo,

24leihlo ka leihlo, leino ka leino, letsoho ka letsoho, leoto ka leoto,

25tlabolo ka tlabolo, leqeba ka leqeba, letetetso ka letetetso.

26Ekare ha monna a otla leihlo la lekgoba la hae la monna kapa la mosadi, a le senya, o tla le tlohela, le itsamaele ka baka la leihlo la lona.

27Ekare ha a roba leino la lekgoba la hae la monna kapa la mosadi, o tla le tlohela, le itsamaele ka baka la leino la lona.

28Ekare ha kgomo e hlaba monna, kapa mosadi, mme eo a eshwa, kgomo e tla tlepetswa ka majwe, mme nama ya yona e ke ke ya jewa; haele monga kgomo, yena ha a na molato.

29Empa kgomo eo, ha e ne e na le mokgwa wa ho hlaba, mme monga yona a eletswa, a mpa a se ke a e lebela, ekare ha e bolaya monna, kapa mosadi, kgomo e tla tlepetswa ka majwe, le yena monga yona a bolawe.

30Ha a lefiswa, a lefelle bophelo ba hae kahohle kamoo a ka lefiswang kateng.

31Leha e hlabile mora, kapa moradi wa motho, e ke e etswe ka taelo eo.

32Ha kgomo e hlabile lekgoba la monna kapa la mosadi, monga lona o tla lefelwa ka dishekele tse mashome a mararo tsa silefera, kgomo yona e tlepetswe.

33Ekare ha motho a tjhekile lemana, kapa ha motho a tjhekile mokoti, a sa ka a o kwahela, mme ho ka wela ho wona kgomo, kapa esele, monga lemena o tla lefa;

34o tla busetsa ho monga phoofolo tjhelete tsa yona, lebole lona e be la hae.

35Ekare ha kgomo ya motho e mong e hlaba kgomo ya e mong, e eshwa, ba tla reka ka kgomo e phelang, ba arolelane tjhelete tsa yona; ba arolelane lebole.

36Empa ha kgomo e ne e tsejwa hoba e ne e ntse e na le mokgwa wa ho hlaba, mme monga yona a sa ka a e lebela, o tla lefa ka tefo e shwetseng, kgomo ka kgomo, lebole lona e be la hae.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help