DIPESALEME 98 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Poloko le ho loka di tla senolelwa batho.

1Binelang Jehova sefela se setjha, hobane o entse dintho tse mehlolo; seatla sa hae se setona le letsoho la hae le halalelang di hlotse dira tsa hae.

2Jehova o bonahaditse poloko ya hae, o pepesitse ho loka ha hae mahlong a ditjhaba.

3O hopotse mohau wa hae le botshepehi ba hae bakeng sa ntlo ya Iseraele; dipheletso tsohle tsa lefatshe di bone poloko ya Modimo wa rona.

4Lona, mafatshe kaofela, phahamisetsang ho Jehova mehoo ya thabo ya lona! Tshelang ditlatse tsa lona, le mo binele difela tsa nyakallo!

5Rorisang Jehova ka harepa, ka harepa le ka mantswe a dipina!

6Ka moletso wa diterompeta le wa diphala, tshelang ditlatse tsa thabo ya lona pela Morena, pela Jehova!

7Lewatle a le dume le tsohle tse ho lona, lefatshe le ba ahileng ho lona.

8Dinoka a di ke di ope ka diatla, le dithaba di ntshe mehoo ya thabo pela Jehova, hobane o ya tla ho ahlola lefatshe.

9O tla ahlola lefatshe ka ho loka, le ditjhaba ka nnete ya hae.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help