JOBO 15 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Phetolo ya bobedi ya Elifase.

1Elifase wa Themane a fetola, a re:

2Na motho ya bohlale a ka araba ka ditaba tsa lefeela na? Na fuba sa hae se tletse moya wa botjhabela na?

3Na diphetholo tsa hae e ka ba mantswe a sa reng letho, le dipolelo tsa hae na di ka hloka thuso na?

4Ho tshaba Modimo ho wena ke lefeela; mme o fedisa thapelo e etswang ho wona.

5Hobane bokgopo ba hao bo disa molomo wa hao, leha o nkile puo ya diqweleqwele;

6molomo wa hao ke wona o o tswang, e seng nna; melomo ya hao ke dipaki tse o qosang.

7Na ke wena motho ya tswetsweng pele? Na o hlahile dithaba di eso ho be teng na?

8Na o rutehile makunutu a Modimo, mme o ikgapetse bohlale o le mong na?

9O tseba taba efe eo re sa e tsebeng? O utlwisisa taba efe eo re sa e utlweng?

10Ba bang ba teng hara rona, batho ba baholo, ba moriri o moputswa, ba fetang ntatao ka dilemo.

11Na o nyedisa matshediso a Modimo, le puo tse bonolo tse buwang ho wena na?

12Pelo ya hao e o isa kae na? O tona mahlo a hao keng,

13ha o tsohela Modimo bohale, ha molomo wa hao o ntsha dipolelo tse jwalo?

14Motho keng, hore a hlweke, le ya tswetsweng ke mosadi keng, hore a loke?

15Bona, ha esitile bahalaledi ba wona o sa ba tshepe, le lehodimo le sa hlweka mahlong a wona;

16haholoholo o ka sitwa ho tshepa motho ya manyala, ya senyehileng, ya nwang bokgopo jwaloka metsi.

17Ke tla o ruta, o mmamele; ke tla o bolella seo ke se boneng;

18e leng se bolelwang ke ba bohlale, seo ba sa kang ba se pata, kamoo ba se nkileng kateng, ho bontata bona;

19e leng bao naha e neng e le ya bona, ho seng moditjhaba ya kileng a kena hara bona.

20Motho ya bolotsana o tshwenyeha ka matsatsi wohle a ho phela ha hae; motubi o phela ka tsietsi ka dilemo tsohle tsa hae;

21mokgosi o duma ditsebeng tsa hae, mme leha ho sa iketlilwe, o hla a bona mosenyi ya mo welang hodimo!

22O tshaba ho tswa lefifing; lerumo le mo laletse.

23O lelerela bohobe, o re: Bo kae? O tseba hobane tshiu e ntsho e mo atametse.

24O tshoswa ke tsietsi le ke mahlomola, di mo tshwere jwaloka morena ya itokiseditseng ho futuha.

25Hobane o otlolotse letsoho la hae ho lwantsha Modimo, o phephetsa Ya matla wohle;

26o o nehella ka molala o sataletseng, tlasa mokokotlo wa thebe ya hae;

27o ikwahetse sefahleho ka ho nona ha hae, o bokeletse mafura lethekeng la hae;

28o ikgaheletse metseng e senyehileng, matlung a se nang baahi, a leng lekgatheng la ho fetoha dithako.

29A ke ke a rua, maruo a hae a ke ke a sala, mafumo a hae a ke ke a aparela lefatshe.

30Ha a tla ke a sesefa lefifi; mollo o tla tjhesa makala a hae, o tla tloswa ke pudulo ya molomo wa wona.

31Leha a ka itshepisa ka bobe, o tla thetseha, etswe moputso wa hae e tla ba bobe.

32Dilemo tsa hae di eso ho fele, bo tla etsahala; makala a hae ha a sa tla hlola a eba matala.

33O jwaloka sefate sa morara se lahlang ditholwana tsa sona di sa le tala, le jwaloka mohlwaare o hlohlorang dipalesa tsa wona.

34Hobane ntlo ya e mobe e tla nyopa, mme mollo o tla ja moaho wa ya kgopo.

35O emola maswabi, o tswala bokgopo; sefubeng sa hae ho sebetswa boithetso.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help