1Enere Jehova ha a kgutlisa batshwaruwa ba Sione, ho rona ho bile jwaloka toro.
2Yaba molomo wa rona o tshela ditlatse tsa thabo, le leleme la rona dipina tsa nyakallo. Ha nna ha thwe hara ditjhaba: Jehova o ba etseditse ntho tse kgolo.
3E, Jehova o re etseditse ntho tse kgolo; ke sona se re thabisang.
4Jehova, kgutlisa batshwaruwa ba rona jwaloka melatswana naheng ya Borwa.
5Ba jalang ka meokgo, ba tla kotula ka mehoo ya thabo.
6Mojadi o tswela pele a ntse a lla, a jere dipeo tseo a di hasang; o tla kgutla ka thabo a ntse a thotha mangata a hae.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.