DIPESALEME 39 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Thapelo ya ya leng matshwenyehong ha a tadima bokgutshwanyane ba bophelo ba hae.Ho monga baphokodi. Ho Jeduthune. Pesaleme ya Davida.

1Ke ne ke itse: Ke tla fadimehela ditsela tsa ka, ke tle ke se ke ka seba ka leleme la ka; ke tla bea sethibelo molomong wa ka, ha e mobe a sa ntse a le pela ka.

2Ke ne ke le semumu, ke ikgutseditse, ka itima ho bua, leha e le tsa botle; empa bohloko ba ka ba eketseha;

3pelo ya ka e ne e tjhesa sefubeng sa ka, mehopolo ya ka e ne e tukisa mollo, yaba leleme la ka le bua, la re:

4Jehova, o ntsebise bofello ba bophelo ba ka, le bokae ba ditshiu tsa ka, ke tle ke tsebe hoba ke feta kapele hakakang!

5Bona, o lekanyeditse ditshiu tsa ka di be jwaloka boahlamo ba seatla; ditshiu tsa ho phela ha ka di jwaloka ntho e leng siyo pela hao; ruri, motho e mong le e mong ya leng teng ke mofehelo feela. (Sela.)

6Efela motho o itsamaela jwaloka seriti, o a dumaduma, o ikgathaletsa ntho e fetang; o ipokellela maruo, mme ha a tsebe hobane a ya jewa ke mang!

7Mme jwale, Morena, seo nka se lebellang keng? Tshepo ya ka e ho wena.

8O ntwele dibeng tsa ka kaofela, o se ke wa mpeela ditshomo tsa lewatla.

9Ke a kgutsa, ha ke ahlamise molomo, hobane ke wena ya sebetsang.

10O suthise dikotlo tsa hao ho nna; ke fela katlasa kgalemelo ya letsoho la hao.

11Ha o laya motho ka ditlokotsi bakeng sa molato wa hae, o senya botle ba hae, jwaloka hoja e le ntho e jewang ke tshwele; ruri, motho ka mong ke mofehelo feela. (Sela.)

12Utlwa thapelo ya ka, Jehova, o sekehele mohoweletso wa ka tsebe! O se ke wa thibana ditsebe, ha ke ntse ke lla, hobane ho wena ke moeti le mofeti jwaloka bontate kaofela.

13O se ke wa hlola o ntlhaba ka mahlo, ke tle ke boele ke ele, ke eso ho ikele, mme ke eba siyo!

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help