I MARENA 15 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Abijame le Asa, marena a Juda.

1Ka selemo sa leshome le metso e robileng meno e le mmedi sa ho busa ha Jeroboame, mora Nebathe, Abijame a qala ho busa Juda;

2a busa ka dilemo tse tharo Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Maaka, moradi wa Absalome.

3A tsamaya dibeng tsohle tse entsweng ke ntatae pele, pelo ya hae yohle e se ya Jehova, Modimo wa hae, jwaloka pelo ya ntatae Davida.

4Leha ho le jwalo, ka baka la Davida, Jehova, Modimo wa hae, a mo nea lebone le tukang Jerusalema, ka ho mo hlahlamisa mora hae, le ka ho tiisa Jerusalema.

5Ha eba jwalo, kahobane Davida a ne a entse tse lokileng mahlong a Jehova, a sa ka a kgeloha taba le e nngwe ya tsohle tseo a mo laetseng tsona, tshiung tsohle tsa ho phela ha hae, haese tabeng ya Uria Mohethe feela.

6Ntwa ya nna ya eba teng mahareng a Roboame le Jeroboame, tshiung tsohle tsa ho phela ha hae.

7Haele taba tse ding tsa Abijame, le tsohle tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?

Ntwa ya nna ya eba teng mahareng a Abijame le Jeroboame.

8Abijame a ntoo orohela ho bontatae, a patwa motseng wa Davida; mme Asa, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

9Asa a qala ho busa Juda ka selemo sa mashome a mabedi sa ho busa ha Jeroboame, morena wa Iseraele.

10A busa ka dilemo tse mashome a mane a motso o mong Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Maaka, moradi wa Absalome.

11Asa a etsa tse lokileng mahlong a Jehova, jwaloka ntatae Davida.

12A leleka Basodoma naheng, a tlosa ditshwantsho tsohle tse entsweng ke bontatae.

13Esita le mmae Maaka, a mo ntsha sefumahading, hobane a ne a entse setshwantsho sa Ashtarothe; Asa a heletsa setshwantsho seo sa hae, a se tjhesa molatswaneng wa Kedrone.

14Haele nqalo tse diphahameng, ha a ka a di tlosa; leha ho le jwalo, pelo ya Asa ya nna ya kgomarela Jehova hantle tshiung tsohle tsa ho phela ha hae.

15Hape, a tlisa ka tlung ya Jehova tse kgethetsweng Modimo ke ntatae le yena, silefera le kgauta le dipitsa.

16Ntwa ya nna ya eba teng mahareng a Asa le Baesha, morena wa Iseraele, tshiung tsohle tsa bona.

17Baesha, morena wa Iseraele, a futuhela Juda; a haha Rama, hore ho se ke ha eba motho wa Asa, morena wa Juda, ya dumellwang ho tswa le ho kena.

18Yaba Asa o nka silefera yohle le kgauta tse setseng polokelong ya ntlo ya Jehova le polokelong ya ntlo ya morena, a di bea matsohong a bahlanka ba hae. Morena Asa a di romela ka bona ho Ben-Hadade, mora Tabrimmone, mora Hesione, morena wa Siria, ya ahileng Damaseka, a re:

19Selekane se teng mahareng a ka le wena, jwalokaha se ne se le teng mahareng a ntate le ntatao; bona, ke rometse mpho ya silefera le kgauta ho wena; tloo, o kgaole selekane sa lona le Baesa, morena wa Iseraele, hore a tle a ntlohele.

20Ben-Hadade a utlwa morena Asa; a roma balaodi ba makgotla a hae ho lwantsha metse ya Iseraele; a kena Ijone, Dane, Abele-Bethe-Maaka, le naha yohle ya Kinnerothe, le naha yohle ya Nefthali.

21Baesha, eitse ha a utlwa, a lesela ho haha Rama, a ya dula Thirtsa.

22Yaba morena Asa o mema Bajuda bohle, ho se ke ha siuwa le a mong; ba ya, ba nka majwe le difate tseo Baesha a neng a haha Rama ka tsona; morena Asa a haha Geba wa Benjamine le Mitspe ka tsona.

23Haele taba tse ding tsa Asa, le matla a hae, le tsohle tse entsweng ke yena, le metse eo a e hahileng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda? Boqhekung ba hae, a jewa ke maoto.

24Asa a ntoo orohela ho bontatae, a patwa ho bontatae motseng wa ntatae Davida; mme mora hae, Josafate, ya eba morena tulong tsa hae.

Nadabe, Baesha, Ela, Simri, Omri, marena a Iseraele.

25Haele Nadabe, mora Jeroboame, a qala ho busa Iseraele ka selemo sa bobedi sa Asa, morena wa Juda; a busa Iseraele ka dilemo tse pedi.

26A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a ya ka mehlala ya ntatae, le ka sebe sa hae seo a sebisitseng Iseraele ka sona.

27Yaba Baesha, mora Akija, wa ntlo ya Issaskare, o a mo fetohela; mme Baesha a mmolaya Gibbethone wa Bafilesta; ke ha Nabathe le Baiseraele bohle ba futuhetse Gibbethone.

28Baesha a mmolaya ka selemo sa boraro sa Asa, morena wa Juda, mme a busa tulong tsa hae.

29Ha e se e le morena, a bolaya ba ntlo yohle ya Jeroboame, a se ke a siya le a mong ya phelang ha Jeroboame, a ba a ba qeta, jwalokaha Jehova a ne a boletse ka mohlanka wa hae Akija wa Silo.

30E ne e le ka baka la dibe tseo Jeroboame a sitilweng ka tsona, a ba a sebisa le Baiseraele ka tsona, a halefisa Jehova, Modimo wa Iseraele.

31Haele ditaba tse ding tsa Nadabe, le tsohle tse entsweng ke yena, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?

32Ntwa ya nna ya eba teng mahareng a Asa le Baesha, morena wa Iseraele, tshiung tsohle tsa bona.

33Baesha, mora Akija, a qala ho busa Baiseraele bohle, a le Thirtsa, ka selemo sa boraro sa Asa, morena wa Juda, a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mene.

34A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a ya ka mehlala ya Jeroboame, le ka sebe seo a neng a sebisitse Baiseraele ka sona.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help