DIPESALEME 64 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Motho o kopa tshirelo bakeng sa thetso ya batho.Ho monga baphokodi. Pesaleme ya Davida.

1Modimo, utlwa lentswe la ka, ha ke howeletsa; o boloke bophelo ba ka ho sera se ntshosang!

2O ntshireletse mererong ya ba bolotsana le letshweleng la ba sebetsang bokgopo,

3ba leotsang maleme a bona jwaloka letlele, ba phosang mantswe a bohloko jwaloka metsu,

4ho hlaba motho ya se nang molato sephiring; ba phakisa ho phosetsa ho yena, ba sa tshabe.

5Ba pheheletse ho etsa hampe, ba rera hammoho ho pata maraba, ba re: Ke mang ya tla a bona?

6Ba qapa tsa bolotsana, ba re: Re itokisitse, mano a lohilwe! Ba pata mehopolo ya dipelo tsa bona.

7Empa Modimo o tla phosetsa ho bona ka metsu ya wona, ba hlajwe hang, ba dihuwe;

8maleme a bona ke wona a tla ba ahlola; bohle ba ba bonang ba tla tsokotsa dihlooho.

9Batho bohle ba tla tshwarwa ke tshabo, ba bolele mosebetsi wa Modimo, ba lemohe diketso tsa wona.

10Ya lokileng o tla ithabela ho Jehova, a tshabele ho yena; batho bohle ba nang le pelo e lokileng ba tla ithorisa kahoo.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help