BAROMA 13 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Ho utluwe ba beilweng boholo.

1Motho ka mong a ikokobetse katlasa borena, hobane ha ho borena bo sa tsweng ho Modimo; marena a leng teng a beilwe ke Modimo.

2Ka baka leo, ya hanang ho borena, o hana molao wa Modimo, mme ba hanang ba ikgulela tsuo hodimo.

3Hobane ba busang ha ba tshabehe ho ba etsang hantle, empa ba tshabeha ho ba etsang hampe. Na o rata hoba o se ke wa tshaba borena na? Etsa hantle, mme o tla bokwa ke hona.

4Hobane morena ke mohlanka wa Modimo ho o isa botleng. Empa ekare ha o etsa hampe, tshaba; hobane morena ha a tshwara sabole feela; hobane ke mohlanka wa Modimo, le mophetetsi ya beilweng ho otla ya etsang bobe.

5Ke hona le tshwanetseng ho ipea katlasa borena, e seng ka baka la ho tshaba kotlo feela, empa e be le ka baka la letswalo.

6Ke ka baka leo le ntshang makgetho; hobane marena ke babusisi ba Modimo ba tiisetsang kabelong ya bona kamehla.

7Ka baka leo, ke re: Neang batho bohle se ba tshwanelang: ya tshwanelwang ke lekgetho, le mo nee lekgetho; ya tshwanelwang ke seabo, le mo nee seabo; ya tshwanelwang ke tshabo, le mo tshabe; ya tshwanelwang ke hlompho, le mo hlomphe.

Lerato la boena. — Phadimeho le hlweko.

8Le se ke la ba le molato ho motho, haese wa ho ratana; hobane ya ratang ba bang ke yena ya phethileng molao.

9Hobane melao e reng: O se ke wa feba, o se ke wa bolaya, o se ke wa utswa, o se ke wa bea bopaki ba bohata, o se ke wa lakatsa ntho ya e mong, leha e le melao efe le efe e sa leng teng, e akareditswe ke polelo ena e reng: Rata wa heno, jwalokaha o ithata.

10Lerato ha le etse wa habo motho hampe; ke moo lerato e leng phetho ya molao.

11 Le tiisetseng teng, kahobane re tseba dinako, hoba e se e le nako ya ho tsoha borokong; hobane haele kajeno, poloko e haufi le rona ho fetisa mohla re dumetseng.

12Bosiu bo se bo ya sa, letsatsi le se le atametse; a re lahleng ke hona mesebetsi ya lefifi, mme re apareng dihlomo tsa lesedi.

13Re tsamayeng ka mokgwa o tshwanelang, jwaloka batho ba tsamayang motshehare o moholo, e seng ka meharo, le botahwa, le bootswa, le dikgang, le mona.

14Le mpe le ikapese ka Morena Jesu Kreste, mme le se ke la baballa nama ho e kgorisa ditakatsong tsa yona.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help