DIPESALEME 2 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Mmuso wa Modimo le wa Mora wa wona, eo bohle ba tlang ho ipea ho yena.

1Na ditjhaba di dumadumelang, mme batho ba rerelang tsa lefeela?

2Marena a lefatshe a phuthehetseng, le mahosana a bokanetseng ho tsohela Jehova le motlotsuwa wa hae matla?

3Ba re: A re kgaoleng ditlamo tsa bona, re kwele mehala ya bona.

4Ya dutseng mahodimong o a ba tseha, Jehova o soma ka bona,

5o bua le bona ka bohale, o ba tsielehisa kgalefong ya hae,

6o re: Ke nna ka sebele ke tlotsitseng morena wa ka Sione, thabeng ya ka e kgethehileng!

7A nke ke phethe morero; Jehova o itse ho nna: O Mora wa ka, kajeno ke o tswetse.

8Kopa ho nna, mme ke tla o fa ditjhaba e be lefa la hao, le dipheletso tsa lefatshe e tle e be leruo la hao.

9O tla di thumakanya ka molamu wa tshepe, o di silakanye jwaloka pitsa ya letsopa.

10Jwale he, marena, hlalefang; le lona, baahlodi ba lefatshe, le eletswe!

11Sebeletsang Jehova ka tshabo, mme le thabe le ntse le thothomela!

12Akang Mora, a se tlo halefa, mme la timela tseleng ya lona, hobane bohale ba hae bo se bo tla tuka. Ho lehlohonolo bohle ba beileng tshepo ya bona ho yena!

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help