BAAHLODI 12 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Yaba banna ba Efraime ba phutheha, ba fetela nqa leboya, ba tla, ba re ho Jafeta: Mohla o neng o futuhela bana ba Ammone, ha o a ka wa re bitsa keng, hore re ye le wena? Jwale, re tla o tjheselletsa tlung ya hao.

2Jafeta a re ho bona: Nna le setjhaba sa heso, re kile ra ba le kgang e kgolo le bana ba Ammone; nkile ka le bitsa, empa ha le a ka la nnamolela matsohong a bona.

3Eitse ha ke bona hobane le sa nnamolele, ha ke a ka ka re letho ka ho phela ha ka, ka mpa ka fetela pele ho bana ba Ammone, mme Jehova a ba neela matsohong a ka. Le tletseng kajeno, ha le tlile ho ntwantsha?

4Yaba Jafeta o bokella banna bohle ba Gileade, a lwantsha Efraime; banna ba Gileade ba hlola Baefraime, kahobane ba ne ba itse: Lona Bagileade, le bathobi ba Efraime, le dutse hara Efraime le Manasse.

5Bagileade ba raka Baefraime, ba tshwara madiboho a Jordane: mme enere ha e mong wa Baefraime ba balehang a re: Ntloheleng ke tshele, banna ba Gileade ba ne ba re: Na o Moefraime na? Eo o ne a re: Tjhe!

6Ebe ba re ho yena: Bolela Shibbolethe hle; ebe o re: Sibbolethe; kahobane a sa tsebe ho bitsa lentswe leo hantle; ebe ba a mo tshwara, ba mmolaya madibohong a Jordane. Mohlang oo, ha bolawa Baefraime ba dikete tse mashome a mane a metso e mmedi.

7Jafeta a ahlolela Iseraele ka dilemo tse tsheletseng. Yaba Jafeta Mogileade o a shwa, a patwa motseng o mong wa Gileade.

Ibtsane, Elone, Abdone.

8Kamora hae, Ibtsane, wa Bethlehema, a ahlolela Iseraele.

9A ba le bara ba mashome a mararo; hape, a nyallwa baradi ba hae ba mashome a mararo, mme a batlela bara ba hae barwetsana ba mashome a mararo kahosele.

10A ahlolela Iseraele ka dilemo tse supileng. Ibtsane a ntoo shwa, mme a patwa Bethlehema.

11Kamora hae, Elone wa Sabulone a ahlolela Iseraele; a ahlolela Iseraele ka dilemo tse leshome.

12Elone wa Sabulone a ntoo shwa, mme a patwa Ajalone, naheng ya Sabulone.

13Kamora hae, Abdone, mora Hillele, wa Pirathone, a ahlolela Iseraele.

14A ba le bara ba mashome a mane le ditloholo tse mashome a mararo, ba neng ba palama diesele tse mashome a supileng. A ahlolela Iseraele ka dilemo tse robileng meno e le mmedi.

15Yaba Abdone, mora Hillele, wa Pirathone, o a shwa, mme a patwa Pirathone, naheng ya Efraime, thabeng ya Baamaleke.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help