DIPESALEME 54 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Motho o a ikgothatsa, leha a teetswe hare ke ba ratang ho mmolaya.Ho monga baphokodi. Sefela sa Davida, se tle se binwe ka tse tidinngwang, sa mohla Basife ba tlileng ho Saule, ba re: Na Davida ha a ipate hara rona na?

1Oho Modimo, o mpoloke ka lebitso la hao, o nkemele ka matla a hao!

2Modimo, o mamele thapelo ya ka, o sekehele ditaba tsa molomo wa ka tsebe!

3Hobane basele ba ntsohela matla, batho ba sehloho ba batla bophelo ba ka; ha ba ka ba bea Modimo pela mahlo a bona. (Sela.)

4Bonang, Modimo ke mothusi wa ka, Morena ke e mong wa ba emelang bophelo ba ka.

5O tla dihela hodima bao e leng dira ho nna bolotsana ba bona. O ke o ba qete, botshepehing ba hao!

6Ka pelo e mafolofolo ke tla o etsetsa mahlabelo, ke rorise lebitso la hao, Jehova, hobane le molemo;

7hobane o ntopolotse ditsietsing tsa ka kaofela, mme mahlo a ka a bone tshenyeho ya bao e leng dira ho nna.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help