1Modimo o tsejwa Juda, lebitso la wona le leholo hara Iseraele;
2tabernakele ya wona e Saleme, moaho wa wona o Sione.
3Ke moo o robileng metsu e hadimang, le dithebe, le marumo, le dibetsa tsa ntwa. (Sela.)
4O fetisa dithaba tsa mashodu ka kganya le ka bokgabane!
5Bahale ba matla ba hlotswe, ba ithobaletse boroko ba bona; bahale ha ba ka ba tseba ho lwana ka matsoho a bona.
6Ka tshokelo ya hao, Modimo wa Jakobo, makoloi hammoho le dipere tsa tshwarwa ke boroko bo boholo.
7Wena, o a tshabeha. Ke mang ya ka emang pela hao, ha o qala ho halefa?
8O boletse tsuo o le mahodimong; lefatshe la tshoha, la ba la kgutsa,
9ha Modimo o tsoha ho ahlolela le ho boloka bahlomohi bohle ba lefatshe. (Sela.)
10Kgalefo ya motho e tla o fetohela thoriso; ka kgalefo e setseng ho wena o tla itlama letheka.
11Ikaneng ho Jehova, Modimo wa lona, le ntoo mo lefela; ditjhaba tsohle tse kamathoko di ke di tlise dinyehelo ho Modimo o tshabehang.
12O rapalatsa boikgohomoso ba mahosana, a tshabeha ho marena a lefatshe.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.