DIPESALEME 23 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Dithoko tsa Modisa ya molemo.Pesaleme ya Davida.

1Jehova ke modisa wa ka, nke ke ka hloka letho.

2O mphomotsa makgulong a matala, o ntsamaisa pela metsi a kgutsitseng.

3O hlabolla moya wa ka; o ntsamaisa mehlaleng ya ho loka, ka baka la lebitso la hae.

4Leha nka tsamaya kgohlong ya moriti wa lefu, nke ke ka tshoha bobe leha bo le bong, hobane o na le nna; lere la hao le seikokotlelo sa hao ke tsona tse ntshedisang.

5O teka tafole pela ka, pontsheng ya dira tsa ka; o tlotsitse hlooho ya ka ka ole, mohope wa ka o a kgaphatseha.

6Ruri, lehlohonolo le mohau di ntse di ntatela ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha ka, mme ke tla nne ke hlole ka tlung ya Jehova kamehla.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help