MATTHEU 19 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Tsa hlalo le tsa bosoha.

1Eitse hobane Jesu a qete dipolelo tseo, a tloha Galelea, a ya naheng ya Judea, mose wane wa Jordane.

2Matshwele a maholo a mo latela, mme a ba fodisa teng.

3Bafarisi le bona ba tla ho yena, ho mo leka; yaba ba re ho yena: Hleka motho o dumeletswe ho hlala mosadi wa hae ka baka la eng le eng na?

4A ba araba, a re: Na ha le a ka la bala hobane ya ba entseng tshimolohong, o ba entse e le e motona le e motshehadi,

5a re: Ka baka leo, monna o tla tlohela ntatae le mmae, a kgomarele mosadi wa hae, mme ba babedi e tla ba nama e le nngwe feela?

6Ha ho le jwalo, ha ba sa hlola ba eba babedi, empa e le nama e le nngwe feela. Ke moo ke reng: Seo Modimo o se kopantseng hammoho, se se ke sa arolwa ke motho.

7Ba re ho yena: Moshe eena o laetse keng ho nea mosadi lengolo la hlalo, le ho mo hlala?

8A re ho bona: Moshe o le dumeletse ho hlala basadi ba lona ka baka la bothata ba dipelo tsa lona; empa tshimolohong, ho ne ho se jwalo.

9Mme ke re ho lona: E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bofebe, a nyala e mong, o a feba; le ya nyalang ya hladilweng, le yena o a feba.

10Barutuwa ba hae ba re ho yena: Ha taba tsa monna le mosadi di dutse jwalo, ha ho molemo ho nyala.

11A re ho bona: Hase bohle ba nang le kutlwisiso ya taba eo, haese ba e neilweng.

12Hobane maqhalaha a teng a tswetsweng a le jwalo dimpeng tsa bomma wona; mme maqhalaha a teng a entsweng maqhalaha ke batho, mme maqhalaha a teng hape a iketseng mahqalaha ka baka la mmuso wa mahodimo. Ya ka utlwisisang taba eo, a e utlwisise.

Bana ba bewa matsoho.

13Jwale, ha tliswa ho Jesu bana, hore a ba bee matsoho, a ba rapelle; empa barutuwa ba kgalemela ba ba tlisang.

14Jesu a re ho bona: Lesang bana, le se ke la ba thibela ho tla ho nna; hobane mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.

15Mme eitse ha a ba beile matsoho, a tloha teng.

Mohlankana wa morui.

16E mong a tla, a re ho yena: Moruti ya molemo, taba e ntle ke efe eo ke tla e etsa hore ke be le bophelo bo sa feleng?

17Jesu a re ho yena: Na o mpitsetsang ya molemo? Ya molemo ke Modimo o nnotshi. Empa ha o rata ho kena bophelong, o boloke melao.

18A re ho yena: Efe? Jesu a re: E reng: O se ke wa bolaya, o se ke wa feba, o se ke wa utswa, o se ke wa bea bopaki ba bohata,

19o hlonephe ntatao le mmao, mme o rate wa heno jwalokaha o ithata.

20Mohlankana eo a re ho yena: Ke e bolokile kaofela esale bonyenyaneng ba ka ho fihlela jwale; na ke sa hlokang?

21Jesu a re ho yena: Ha o rata ho phetheha, eya, o rekise ka tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; o ntano tla, o ntatele.

22Empa mohlankana, ha a utlwa polelo eo, a ikela a swabile haholo, hobane e ne e le ya nang le maruo a maholo.

23Yaba Jesu o bolella barutuwa ba hae, a re: Kannete ke re ho lona: Ho thata ho morui ho kena mmusong wa mahodimo.

24Ke pheta ke re ho lona: Ho ka ba bonolo ha kamele e kena ka lesoba la lemao, ho ena le hore morui a kene mmusong wa mahodimo.

25Barutuwa ba hae, ha ba utlwa a rialo, ba tsota haholo, ba re: Ha ho le jwalo, ho ka bolokeha mang na?

26Jesu a ba tadima, a re ho bona: Ha e le batho, ke ntho e ba sitang, empa Modimo ha o sitwe ke letho.

27Jwale, Petrose a bua, a re ho yena: Bona, rona re tlohetse tsohle, mme re o latetse; re tla ba le eng ka hona?

28Yaba Jesu o re ho bona: Kannete ke a le bolella, ke re: Ntjhafalong ya tsohle, mohla Mora motho a dulang teroneng ya kganya ya hae, lona ba ntatetseng, le tla dula le lona diteroneng tse leshome le metso e mmedi, le ahlole meloko ya Iseraele e leshome le metso e mmedi.

29E mong le e mong ya tlohetseng matlo, leha e le banababo, kapa bokgaitsedie, leha e le ntatae, kapa mmae, kapa bana, leha e le masimo, ka baka la lebitso la ka, o tla newa halekgolo, a je le lefa la bophelo bo sa feleng.

30Empa ba bangata ba pele e tla ba ba morao, mme ba morao e tla ba ba pele.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help