LEVITIKE 12 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Molao bakeng sa motswetse.

1Jehova a bua le Moshe, a re:

2Bolella bana ba Iseraele, o re: Ekare ha mosadi a emola, a ba a tswala ngwana e motona, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng; o tla ba sesila jwaloka mohla a ileng kgweding.

3Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, ngwana o tla bolotswa, ho pongwe nama ya ntlha ya pejana ya hae.

4Mosadi eo o tla dula tlung ka matsatsi a mashome a mararo a metso e meraro ho itlhatswa madi a hae; a se ke a ama letho le kgethehileng; hape, a se ke a kena sehalalelong, matsatsi a ho itlhatswa ha hae a eso ho phethehe.

5Ekare ha a beleha ngwanana, o tla ba sesila ka veke tse pedi, jwaloka mohla a ileng kgweding, mme o tla dula tlung ka matsatsi a mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng, a ntse a itlhatswa madi a hae.

6Ho feleng ha matsatsi a ho itlhatswa ha hae, bakeng sa mora, kapa bakeng sa moradi wa hae, o tla hlahisa konyana e lemo se le seng, e be setjheso, le leebana, kapa leebakgorwana, e be sehlabelo sa sebe, a di tlise monyako wa tente ya pokano,

7ho moprista ya tlang ho di hlahisetsa Jehova, mme o tla mo etsetsa pheko, hore a tle a hlatswehe tsholohong ya madi a hae. Ke wona molao wa mosadi ya belehileng ngwana e motona, kapa e motshehadi.

8Ha a ka hloka konyana, a nke maebanakgorwana a mabedi, kapa maeba a mabedi, le leng e be la setjheso, le leng e be la sehlabelo sa sebe. Moprista o tla mo etsetsa pheko, hore a hlweke.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help