MATTHEU 3 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Thuto ya Johanne Mokolobetsi. — Kolobetso ya Jesu Kreste.

1Mehleng eo, ha hlaha Johanne Mokolobetsi, a ruta feelleng la Judea.

2O ne a re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse.

3Hobane ke yena ya neng a lekanntswe ke moporofeta Esaia, ha a re: Lentswe la ya howang feelleng, le re: Hlekang mmila wa Morena, le lokise ditsela tsa hae.

4Johanne o ne a apere kobo ya boya ba kamele, a itlamile letheka ka leqhaama la letlalo; dijo tsa hae e ne e le ditsie le dinotshi tsa naha.

5Yaba ba Jerusalema, le ba Judea yohle, le ba naha yohle e pela Jordane, ba tswela ho yena,

6mme ba kolobetswa ke yena Jordane, ba ntse ba ipolela dibe tsa bona.

7Empa, yare ha a bona bafarisi le basaddusi ba bangata ba tla kolobetsong ya hae, a ba bolella, a re: Madinyane a marabe, le tshositswe ke mang ho balehela bohale bo tlang?

8Ha ho le jwalo he, behang ditholwana tse tshwanelang pako.

9Mme le se ke la re ka ho lona: Abrahama ke ntata rona; hobane ke a le bolella, ke re: Modimo o ka tsosetsa Abrahama bana le ka majwe ana.

10Selepe se se se beilwe metsong ya difate; sefate ka seng se sa beheng tholwana tse molemo, se tla rengwa, se lahlelwe mollong.

11Haele nna, ke le kolobelletsa pako ka metsi feela; empa ya tlang ka morao ho nna, o mpheta ka matla, mme ha ke a lokela ho mo nkela dieta; ke yena ya tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.

12Seoloso sa hae se letsohong la hae; o tla fiela seotlo sa hae ruri, a bokelle koro ya hae modikong, mooko wona a o tjhese mollong o sa timeng.

13Mohlang oo, Jesu a tswa Galelea, a tla Jordane ho Johanne ho kolobetswa ke yena.

14Empa Johanne a hana ho yena, a re: Ke nna ke tshwanetseng ho kolobetswa ke wena, mme o tla ho nna na?

15Empa Jesu a mo araba, a re: Ntumelle jwale; hobane e ka kgona re phethe jwalo ho lokelang hohle. Yaba Johanne o a mo lesa.

16Eitse Jesu ha a kolobeditswe, a phakisa a tswa metsing, mme hang, mahodimo a phetlelwa yena; a bona Moya wa Modimo o theoha a ka leeba, o tla hodima hae.

17Mme ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help