1Yaba Jakobo o tswela pele, a ya naheng ya bana ba Botjhabela.
2Jwale a tadima, a bona sediba naheng, a bona mehlape e meraro ya dinku e bothileng pela sona, hobane mehlape e ne e noswa sedibeng seo; letlapa le neng le beilwe hodima molomo wa sediba le ne le le leholo.
3Mehlape kaofela e ne e buswa e bokellelwa teng, mme letlapa le ne le ribollwa hodima molomo wa sediba, ho tle ho noswe mehlape; eba letlapa le busetswa tulong tsa lona hodima molomo wa sediba.
4Yaba Jakobo o re ho bona: Banabeso, le ba kae? Ba re: Re ba Kharane.
5Yaba o re ho badisa: A le tseba Labane, mora wa Nakore? Ba re: Re a mo tseba.
6A re: O ntse a phela hantle, na? Ba re: O ntse a phela hantle, mme Ragele, moradi wa hae, ke enwa ya tlang le mohlape.
7Yaba o re: Bonang, e sa le motshehare o moholo, ha e eso ho be nako ya ho phutha mehlape; nosang dinku, le tswe le ya di alosa.
8Ba re: Re a sitwa, haele mona mehlape kaofela e eso ho phuthehe, ho tswe ho ribollwa letlapa le hodima molomo wa sediba, e le hona re nosang dinku.
9A re a sa ntse a bua le bona, Ragele a fihla le dinku tsa ntatae, hobane e ne e le yena ya di disang.
10Eitse ha Jakobo a bona Ragele, moradi wa Labane, kgaitsedi ya mmae, le dinku tsa Labane, kgaitsedi ya mmae, Jakobo a atamela, a ribolla letlapa le leng hodima molomo wa sediba, a nosa dinku tsa Labane, malomae.
11Jakobo a aka Ragele, a phahamisa lentswe la hae, a lla.
12Jakobo a bolella Ragele hoba ke yena wabo ntatae, le hore ke mora wa Rebeka; ya ba o matha, a tsebisa ntatae.
13Yare ha Labane a utlwa ditaba tsa Jakobo, mora kgaitsedie, a titima, a mo kgahlanyetsa, a mo phothoma, a mo aka, a mo tlisa ka tlung ya hae. Yaba o bolella Labane ditaba tseo kaofela.
14Labane a re ho yena: Efela o lesapo la ka le nama ya ka! Jakobo a dula ho yena matsatsi a kgwedi.
15Yaba Labane o re ho Jakobo: Haele moo o le ngwaneso, na o tla ntshebeletsa feela? Ako mpolelle hore moputso wa hao e tla ba eng?
16Labane o ne a na le baradi ba babedi, lebitso la e moholo e le Lea, lebitso la e monyenyane e le Ragele.
17Lea o ne a na le mahlo a fokolang, empa Ragele o ne a bopehile hantle, a le motle ho bonweng.
18Jakobo a rata Ragele, a re: Ke tla o sebeletsa ka dilemo tse supileng, ha o ka nnea Ragele, moradi wa hao e monyenyane.
19Labane a re: Ho molemo ha nka o nea yena ho fetisa ha nka mo nea monna e mong; itulele ha ka.
20Jakobo a nna a sebelletsa Ragele ka dilemo tse supileng, mme tsa eba ho yena jwaloka matsatsi a seng makae, kahobane a ne a mo rata.
21Yaba Jakobo o re ho Labane: Nnee mosadi wa ka, ke tle ke tle ho yena, hobane matsatsi a ka a phethahetse.
22Yaba Labane o lalletsa batho ba teng kaofela, a etsa mokete.
23Eitse ha ho phirimile, a nka Lea, moradi wa hae, a mo isa ho yena, mme Jakobo a ya ho yena.
24Labane a nka Silpa, lekgabunyane la hae, a mo nea Lea, moradi wa hae, hore e be lefielo la hae.
25Yare ha bo esa, Jakobo a tshoha ha a bona hoba ke Lea, mme a re ho Labane: Ke taba e jwang eo o nkentseng yona? Ha ke a ka ka o sebeletsa bakeng sa Ragele na? Ke ka baka lang ha o nkgohlisitse na?
26Labane a re: Ha ho ke ho etswa jwalo mona haeso, hore e monyenyane a ntshwe pele ho e moholo.
27Qeta veke ya enwa, mme re tla o nea le yane hodima tshebeletso eo o tlang ho ntshebeletsa ka yona ka dilemo tse ding tse supileng.
28Jakobo a etsa jwalo, a qeta veke ya Lea; yaba Labane o mo nea Ragele, moradi wa hae, hore e be mosadi wa hae.
29Labane a nea Ragele, moradi wa hae, Bilha, lekgabunyane la hae, hore e be lefielo la hae.
30Jakobo a ba a ya le ho Ragele; a mpa a rata Ragele ho feta Lea; mme a boela a sebeletsa Labane ka dilemo tse ding tse supileng.
31Jehova a bona hoba Lea o hloilwe, mme a mo thibolla popelo: empa Ragele ya eba nyopa.
32Lea a emola, a tswala mora, a mo rea lebitso la Rubene (bonang mora), kahobane a ne a re: Jehova o tadimile ho hlora ha ka, mme jwale monna wa ka o tla nthata.
33A boela a emola, a tswala mora, a re: Kahobane Jehova o utlwile hore ke hloilwe, o boetse o nneile le enwa; mme a mo rea lebitso la Simeone (kutlo).
34A boela a emola, a tswala mora, a re: Jwale, lekgetlo lena monna wa ka o tla kgomarelana le nna, hobane ke mo tswaletse bara ba bararo. Ka baka lena, a rewa lebitso la Levi (kgomarelano).
35A ba a emola hape, a tswala mora, a re: Kajeno, ke tla boka Jehova. Ka baka lena, a mo rea lebitso la Juda (poko ya Jehova). Yaba o dula ho beleha.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.