DIPESALEME 53 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Ho nyatsuwa banyefodi.Ho monga baphokodi. Sefela sa Davida, se tle se binwe ka phala.

1Lewatla le itse pelong ya lona: Modimo ha o yo! Ba bodile, ba manyala bokgopong ba bona; ha ho ya etsang hantle.

2Modimo o tadimile bana ba batho o le lehodimong, o tle o bone hoba na o teng ya nang le kutlwisiso, ya batlang Modimo.

3Bohle ba kgelohile, ba itshentse hammoho, ha ho ya etsang hantle, leha a le mong.

4Na bakgopo bao kaofela ba hloka tsebo keng? Ba ja setjhaba sa ka, jwaloka ha ho jewa bohobe. Ha ba rapele Modimo.

5Ba tla nne ba tshwarwe ke tshoho e mpe, moo lebaka la ho tshoha le leng siyo. Ka baka leo, Modimo o tla qhalanya masapo a ba o tsohelang matla; ba tla tsielehiswa, hobane Modimo o ba lahlile.

6Hola poloko e ka tlela Iseraele, e etswa Sione! Mohla Modimo o kgutlisang setjhaba sa wona se holehilweng, Jakobo o tla thaba, Iseraele a nyakalle.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help