DIPESALEME 136 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Ho roriswa mohau wa Modimo.

1Rorisang Jehova, hobane o molemo:

Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

2Rorisang Modimo wa medimo:

Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

3Rorisang Morena wa marena:

Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

4 Yena a nnotshi ya entseng mehlolo e meholo:

Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

5Ya entseng mahodimo ka kelello:

Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

6Ya ahileng lefatshe kahodima metsi:

Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

7Ya entseng masedi a maholo:

Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

8Letsatsi ho busa motshehare:

Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

9Kgwedi le dinaledi ho busa bosiu:

Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

10Ya otlileng Baegepeta matsibolong a bona:

Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

11Mme a ntsha Iseraele teng:

Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

12Ka seatla se matla le ka letsoho le otlolohileng:

Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

13Ya arohantseng Lewatle le Lefubedu ka lehare:

Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

14A tshedisa Iseraele hara lona:

Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

15Mme a dihela Faro le makgotla a hae Lewatleng le Lefubedu:

Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

16A ba a haodisa setjhaba sa hae feelleng:

Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

17A timeletsa marena a maholo:

Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

18A bolaya marena a matla:

Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

19Sihone, morena wa Baamore:

Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

20Le Oge, morena wa Bashane:

Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

21A neela naha ya bona e be lefa:

Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

22E be lefa la Iseraele, mohlanka wa hae:

Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

23Ya re hopotseng boikokobetsong ba rona:

Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

24Mme a re namolela ho batubi ba rona:

Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

25Ya fang dibopuwa tsohle dijo:

Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

26Rorisang Modimo wa mahodimo!

Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help