ESAIA 39 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Ho fihla ho Esekiase manqosa a tswang Babilona.

1Mehleng eo, Merodake-Baladane, mora Baladane, morena wa Babilona, a romela mangolo le dimpho ho Esekiase, hobane a ne a utlwile hore o ne a kile a kula, a ba a fola.

2Esekiase a thaba ha a bona manqosa, a ba a a bontsha ntlo ya matlotlo a hae, le silefera, le kgauta, le dinoko, le ole ya bohlokwa, le ntlo ya dihlomo tsa hae kaofela, le tsohle tse dipolokelong tsa hae; ha ho a ka ha eba letho leo Esekiase a sa kang a ba bontsha lona ka tlung ya hae le mmusong wa hae wohle.

3Yaba moporofeta Esaia o tla ho morena Esekiase, a re ho yena: Banna bao ba itseng? Ba tlile ho wena ba etswa kae? Esekiase a re: Ba tlile ho nna ba etswa naheng e hole, Babilona.

4Ebile Esaia o re: Ba bone eng ka tlung ya hao? Esekiase a re: Ba bone tse ka tlung ya ka kaofela; ha ho letho la maruo a ka leo ke sa kang ka ba bontsha lona.

5Yaba Esaia o re ho Esekiase: Mamela lentswe la Jehova wa makgotla.

6Bona, matsatsi a tla ao tsohle tse ka tlung ya hao di tla iswa Babilona, le tsohle tse bokeletsweng ke bontatao ho fihlela la kajeno; ho ke ke ha sala letho, ho bolela Jehova.

7Ha e le bara ba hao ba tla tswa ho wena, bao o tla ba tswala, ho tla nkwa ba bang, hore ba etswe maqhalaha ka tlung ya morena wa Babilona.

8Yaba Esekiase o re ho Esaia: Lentswe la Jehova leo o le boletseng le molemo. A eketsa a re: Kgotso e tla ba teng le boiketlo, ha ke ntse ke phela.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help