1Jehova, matla a hao a thabisa morena, poloko ya hao e a mo nyakalatsa!
2O mo file kamoo pelo ya hae e lakaditseng kateng, ha o a ka wa nyatsa thapelo ya molomo wa hae. (Sela.)
3O mo rakile ka mahlohonolo a molemo, o mo rwesitse moqhaka wa kgauta e tshekehileng hloohong.
4A nna a o kopa bophelo, mme wa mo fa jona, e le bophelo bo bolelele, bo tiileng, bo sa feleng.
5Kganya ya hae e kgolo ka baka la thuso ya hao, o mo file bokgabane le boholo;
6hobane o mo entse ya lehlohonolo ka ho sa feleng, wa mo nyakalatsa ka sefahleho sa hao.
7Hobane morena o itshepetse Jehova; ka kgauhelo ya Mookamedi ya phahameng, a ke ke a sisinyeha.
8Letsoho la hao le tla tshwara dira tsa hao kaofela; letsoho le letona la hao le tla fihlela ba o hloileng.
9O tla ba etsa ba be jwaloka sebopi se tukileng, tsatsing leo o hlahang ka lona; Jehova o tla ba fedisa ka kgalefo ya hae, mme ba tla tjheswa ke mollo;
10o tla fedisa moloko wa bona lefatsheng, le ditloholo tsa bona hara bana ba batho;
11hobane ba o etseditse bolotsana, ba lohile mano, empa ba tla hloka matla;
12o tla ba balehisa ka ho lebisa seqha sa hao difahlehong tsa bona.
13Tsoha, Jehova, ka matla a hao! Re rata ho bina le ho rorisa diketso tsa hao tse phahameng.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.