1Karolo ya bobedi ya laolelwa Simeone, ke ho rea, leloko la bana ba Simeone ka matlo a bona; lefa la bona la eba hara lefa la bana ba Juda.
2Lefeng la bona ha eba Beerseba, Sheba, Molada;
3Hatsare-Shuale, Bala, Atseme;
4Eltholade, Bethule, Horma;
5Tsiklage, Bethe-Markabothe, le Hatsare-Susa;
6Bethe-Lebaothe, le Sharuhene: ke metse e leshome le metso e meraro, le metsana ya yona.
7Aine, Rimmone, Ethere, le Ashane: ke metse e mene le metsana ya yona.
8Le metsana yohle e teetseng metse eo hare kahohle ho isa Baalathe-Beere, e leng Rama wa borwa.
Ke leo lefa la leloko la bana ba Simeone, ka matlo a bona.
9Lefa la bana ba Simeone la arolwa karolong ya bana ba Juda; hobane karolo ya bana ba Juda e ne e ba sita; ebile ke moo bana ba Simeone ba abetsweng lefa la bona lefeng la bao.
Naha ya leloko la Sabulone.10Karolo ya boraro ya laolelwa bana ba Sabulone ka matlo a bona.
11Moedi wa lefa la bona o fihla Saride; moedi wa bona hape o leba Mareala, nqa bophirimela, o fihla Dabbeshethe, o ya le nokeng e pela Jokneame.
12Ha o tloha Saride, o pota ka nqa botjhabatsatsi naheng ya Kislothe-Thabore, o ntoo fetela Dabrathe, o nyolosetsa Jafia;
13teng o fetela pele nqa botjhabela ho ya fihla Gittha-Hefere, le Ittha-Katsine, o ya le Rimmone, o ntoo pota ho isa Nea.
14Moedi o boela o pota ka nqa leboya ho Hannathone, o ya fella sekgutlong sa Jiftha-Ele.
15Hape, ke Katthathe, Nahalale, Shimrone, Jideala, le Bethlehema: ke metse e leshome le metso e mmedi le metsana ya yona.
16Ke leo lefa la bana ba Sabulone ka matlo a bona; ke eo metse le metsana ya yona.
Naha ya leloko la Issaskare.17Karolo ya bone ya laolelwa Issaskare, ke ho re, bana ba Issaskare ka matlo a bona.
18Moedi wa bona o lebile Jisreele le Kesullothe, le Shuneme;
19le Hafaraime, le Shione, le Anaharathe,
20le Rabbithe, le Kishione, le Abetse,
21le Remethe, le Ene-Gannime, le Ene-Kadda, le Bethe-Patsetse.
22Moedi o ntoo fihla Thabore, le Shakatsima, le Bethe-Shemeshe; hape moedi wa bona o ya fella Jordane: ke metse e leshome le metso e tsheletseng le metsana ya yona.
23Ke leo lefa la leloko la bana ba Issaskare ka matlo a bona; ke eo metse le metsana ya yona.
Naha ya leloko la Asere.24Karolo ya bohlano ya laolelwa leloko la bana ba Asere ka matlo a bona.
25Moedi wa bona ke Helkathe, le Hali, le Bethene, le Aksafe;
26le Allammeleke, le Ameade, le Misheale; nqa bophirimela o ya fihla Karmele le Shikore-Libnathe.
27Nqa botjhabatsatsi, o pota Bethe-Dagone, o fihla Sabulone, le sekgutlong sa Jiftha-Ele, nqa leboya ho Bethe-Emeke, le Nejele; o ntoo fetela Kabule ka ho le letshehadi;
28le Ebrone, le Rehobe, le Hammone, le Kana, ho isa Sidone e moholo.
29Moedi o ntoo leba Rama, ho isa le motseng o morako wa Tire; moedi o ya le Hosa, mme o ya fella lewatleng, ho tloha Helebe, ho isa Aksibe.
30Hape, ke Umma le Afeke, le Rehobe: ke metse e mashome a mabedi a metso e mmedi le metsana ya yona.
31Ke leo lefa la leloko la Asere ka matlo a bona; ke eo metse le metsana ya yona.
Naha ya leloko la Nefthali.32Karolo ya botshelela ya laolelwa bana ba Nefthali, ke ho re, bana ba Nefthali ka matlo a bona.
33Moedi wa bona o tloha Helefe, eikeng e pela Tsaanannime, le Adami-Nekebe, le Jabneele, ho isa Lakkume, o ntoo fella Jordane.
34Moedi o boela o leba nqa bophirimela ho isa Asnothe-Thabore; o tloha teng ho ya fihla Hukkoke, o ya le Sabulone nqa borwa, mme o ya le Asere nqa bophirimela, le Juda, le Jordane nqa botjhabatsatsi.
35Hape, metse e marako ke Tsiddime, Tsere, Hammathe, Rakkathe, le Kinnerethe;
36Adama, Rama, Hatsore;
37Kedeshe, Edrei, le Ene-Hatsore;
38Jireone, Migdale-Ele, Horeme, Bethe-Anathe, le Bethe-Shemeshe: ke metse e leshome le metso e robileng mono o le mong le metsana ya yona.
39Ke leo lefa la leloko la bana ba Nefthali ka matlo a bona; ke eo metse le metsana ya yona.
Naha ya leloko la Dane.40Karolo ya bosupa ya laolelwa leloko la bana ba Dane, ka matlo a bona.
41Moedi wa lefa la bona ke Tsorea, le Eshthaole, le Ire-Shemeshe,
42le Shaalabbine, le Ajalone, le Jithla,
43le Elone, le Thimnatha, le Ekrone,
44le Eltheke, le Gibbethone, le Baalathe;
45le Jehude, le Bene-Berake, le Gathe-Rimmone,
46le Me-Jarkone le Rakkone, hammoho le naha e mabapa le Jafo.
47Naha ya bana ba Dane ya boela ya tswela kantle ho moo e neng e le ha bona; hobane bana ba Dane ba ile ba futuhela Lesheme, ba o kena, ba bolaya ba teng ka bohale ba lerumo, ba o rua, mme ba aha teng, ba bitsa Lesheme Dane ka lebitso la ntata bona, Dane.
48Ke leo lefa la leloko la bana ba Dane ka matlo a bona; ke eo metse le metsana ya yona.
Motse wa Thimnathe-Sera o newa Joshua.49Eitse hobane ba qetelle ho arola naha ho e etsa lefa la bona, ka meedi ya bona, bana ba Iseraele ba nea Joshua, mora Nune, lefa hara bona.
50Ka taelo ya Jehova, ba mo nea motse oo a o kopileng, Thimnathe-Sera, thabeng ya Efraime; mme a haha motse, a dula teng.
51Ke ao mafa ao moprista Eleasare, le Joshua, mora Nune, le dihlooho tsa bontata meloko ya bana ba Iseraele ba a abileng ka lotho, Silo, pela Jehova, monyako wa tente ya pokano. Ba phetha jwalo ho aba naha.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.