DIPESALEME 97 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Ho fihlile mmuso wa Modimo, Moahlodi le Mmoloki.

1Jehova o a busa. Lefatshe a le ke le thabe; dihlekehleke tse ngata a di ke di nyakalle!

2Maru le botsho di mo teetse hare; ho loka le kahlolo ke motheo wa terone ya hae.

3Mollo o mo etella pele, mme o timeletsa dira tsa hae ka nqa tsohle.

4Mahadima a hae a kganyetsa lefatshe; lefatshe le a a bona, le a thothomela.

5Dithaba di qhibiliha jwaloka mafura a dinotshi pela sefahleho sa Jehova, pela sefahleho sa Morena wa lefatshe lohle.

6Mahodimo a bolela ho loka ha hae, ditjhaba tsohle di boha bokgabane ba hae.

7Ba hlabilwe ke dihlong, bona kaofela ba sebeletsang ditshwantsho, ba ithorisang ka medimo ya leshano; medimo kaofela e tla kgumama pela hae.

8Sione o utlwile, mme o thabile ke hoo; baradi ba Juda ba nyakalletse dikahlolo tsa hao, Jehova.

9Hobane, Jehova o Mookamedi ya phahameng, ya renang hodima lefatshe lohle; o phahamile haholoholo ho fetisa medimo kaofela.

10Lona ba ratang Jehova, hloyang bobe! O sirela meya ya bakgethwa ba hae, o ba namolela matsohong a ba bolotsana.

11Lesedi le jaletswe ya lokileng, thabo e neilwe ba pelo e lokileng.

12Lona ba lokileng, etsang thabo ya lona ka Jehova, mme le roke lebitso la hae le halalelang!

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help